Bophelong rena le tlhoko tse ngata haholo tseo re lihlokang ho phela hantle. Tse ling tsa lintho tsena ekaba tsa tlholeho le tse iketselitsoeng. Tsatsing la kajeno ke rata hore ke re ithute ka melemo ea lifate bophelong ba rona.
2. SELELEKELA
Bophelong rena le tlhoko tse ngata haholo tseo re lihlokang
ho re thusa ho phela hantle.Tse ling tsa lintho tsena ekaba
tsa tlholeho le tse iketselitsoeng.Tsatsing la kajeno ke rata
hore ke re ithute ka melemo ea lifate bophelong ba rona.
3. MELEMO EA LIFATE KA LITHOLOANA
1.Lifate li fana ka mefuta-
futa ea litholoana.Mehlala ea
lifate tse tsa litholoana;
*Lifate tsa liperekisi
*Lifate tsa liapole
*Lifate tsa lipere
-Litholoana tsena ke lithibela
mafu 'me li thusa mmele ea
rona ho itoanela khahlanong
le mafu.
4. MELEMO LE MEFUTA EA LIFATE TSA PATSI
2.Lifate li fana ka patsi.
Mehlala ea lifate tsa patsi;
*Papolere
*Boleikomo
*Boleikatlele
-Patsi ea lifate tsena e re
thusa ho pheha.
5. MELEMO EA LIFATE KA LISEBELISOA TSA
LEPOLANKA
3.Lifate li re thusa ka
lepolanka,lona le re thusa ho
etsa tse latelang;
*Litafole
*Litulo
*Maballo
-Le tsohle tse entsoeng ka
lepolanka li tsoa lifateng.
6. MELEMO EA LIFATE MATLONG
4.Lifate li tšireletsa matlo
khahlanong le moea o
matla.Lifate tse makala a
maholo,ebile li le telele
jwaloka;
*Sefate sa pina
*Sefate sa boleikomo
-Likhona ho thibela moea
hore o se fihli matlong o le
matla ho qoba ho fefoha
kapa ho oela hoa matlo.
7. MELEMO EA LIFATE BOPHELONG BA MOTHO
5.Lifate li fana ka
phefumoloho e
hloekileng.Lifate, ekaba tsa
litholoana kapo tseo eseng
tsa litholoana, li na le moea
o hloekileng o hlokoang ke
mmele ea rona ho
phefumoloha ka nepo.
6.Batho le liphoofolo ba
khona ho itšireletsa tlasa
meriti ha ho chesa haholo.