SlideShare a Scribd company logo
1 of 16
Lesotho College of Education
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Tlhaho le kholo ea ngoana oa
mosotho
Likhoeli tse robong ha li thulametse, mokhachane o kena tlung ho
itsïhlolla.Lekhatheng lena, basali le basali baholo ba bapepisi ba khobokanngoa
mmoho ho hlabana ntoa ena e mahlo mafubelu.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Lelomolo la pele ngoana a hlahile
• Ngoana o hameloa lebese la ‘m’ae khabaneng .Lebese leo le loetsoa
ka mathe a mohale ea nang le makhabane a batloang ke sechaba.
Makhabane e kaba a latelang:
1. A bohlabani ba lerumo .
2. A boits’oaro bo khahlang mahlo.
3. A ts’ebetso tse ntle tsa malapa.
4. A bosebeletsi bo babatsehehang ba naha likarolong tsohle tsa
bophelo.
Ngoana enoa o ngapetsa lelomolo leo ho mo fa lefutso ka ho mo
qethisa.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Ho beha taba ho ntatae
Mekhoa ea ho tsebisa ntate ha ngoana a hlahile e ‘meli.
• Ha ngoana e le moshanyana ntat’ae o shapuoa ka thupa ho thoe, “Ke
ngoana moshanyana ntho eo!”
• Ha e le ngoanana, ntate o phuthumetsoa ka metsi a batang ho ntse
ho thoe, “Ke ngoanana ntho eo!” kapa “Re fumane sekhametsi.”
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Lebollo
Matsatsinyana ngoana a hlahile, oa bolla.Basali ba thaba haholo
ha ngoana a fihletse boemo bona.Ba hlaba molielietsane oa
thabo.Basali ba bokana lapeng leo ho hlatsoa liaparo tse teng, ho
lila le ho hloekisa.Ngoana eena o beoloa sehlotho sa hae sa
boseea a be a tsoaele lapeng.
Ngoana o qala ho bontsa kholo e potlakileng le ho ipha matla
mmeleng a ntse a fuoa litlhare tse tlosang tsílana hore a lule a
phetse hantle mmeleng.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Kuruetso
Mohla khoeli e leng senkhoa,lapeng ha bo lesea leo,
ho etsoa moketjana oa lijo,ho ketekeloa bana ba
banyenyane.Tsatsi lena ke le leholo la
kuruetsoa ke ngoanana oa leamohelo.O lelatsa ngoana
hore a be a bone le ho lumela hore khoeli e mo
chabetse ka mahlong a nto re:
i. “kurrr! Kurrr! Kurrr! Thaká hao ke eane.”
ii. Kuruetso e ‘ngoe ke ea ngoana oa
moshanyana.Mona teng ngoana o nkoa ke
moshitiri, ‘me le eena o ‘montsa khoeli ka mokhoa
o tsoanang ebe o re: “kurrr! Kurrr! Kurrr!
Molekane oa hao ke eane.”
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Pehello puleng
Mohla pula e nang litloebelele, lelapa lea bokana ho tla behella ngoana
pula. Mang kapa mang a ka behella ngoana pula. Motho o tsoa amo
khoaetse ka likobong a mo hlobolisitse. O fihla a mmeha faatsë a
kakaletse hore pula e hle e mo kolobise e le kannete .
Haa lla e le kannete,ba mo tlaka le ho mo tlatsetsa lerata ka hore:
“Aa! Lesholu ke leo!’’ Motho eo o matha a fihla a mo fetola hape a mo
paqamisa. Ka moraon ho moo,ngoana oa tlosoa,a phumuloe hantle a
ome.
Kolobetso ena e reretsoe ho mo qobisa pelo e telele ea ho phela ka tsa
batho, ka bosholu.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Pitiki ea ngoana
Rea elelloa hore ngoana joale o se a holile. Lelapa le etsa moketjana.Ho
ritetsoe ho phehiloe le nku ea hlajoa.Mokete ona ke oa ho leboha
basali bohle ba ileng ba kenya letsoho ho thusa mmangoana ka nako ea
botsoetse ba hae.
Mona ngoana oa kapisanoa ke bo-mme maipatong a bona,o hopotsoa
letsatsi le leholo la tlhaho ea hae.Ho monate ho bona ha ba ntse ba mo
nelehetsana,ke pitiki ea ngoana.Joale ba tla ja lijo le joala ba noa ba
lesoatsa ba nto iqhalanela.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Ngoana oa fuoa
Nako e ‘ngoe le e ‘ngoe ngoana haa
sebeletsoa,o qobisoa motho ea mekhoa e
mebe ka litsela tsohle. Lebaka ke hobane ha
ba batle ha ngoana a ka futsa mekhoa e mebe.
Ngoana ha a fuoa, ho khethoa nama ea nku e
na le methanyana.Nama eo,e holimo holimo
moo sephaka se fellang teng, oa e
besetsoa.Joale khetlong le na o fuoa ke motho
ea khalang haholo,ea tsejoang ka pelo e telele,
haholo nameng .
O nyaha le ho loetsa nama eo ka mathe a hae
a nto fa ngoana hore a e latsoe ka ho ‘na a e
nyeka.Ngoana eo, haa na ho khala ho hang.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Koroso ea ngoana
Ngoana ha e le oa matsibolo,o hlahela ha
habo moholo,a be a tlotloe ka ho fuoa
mabitso a mabeli hobane ke ka eena ho
supuoang hore ngoana ke oa malapa a
mabeli,la habo le la habo-moholo.
Joale ha ngoana a orosoa,ho tsebisoa ba habo
hore tsatsing le itseng,ngoana o tla fihla habo
a orosoa.O pheheloa haholo,ho bile ho
ritetsoe.O felehetsoa ke sehlopha sa banna le
basali ka melilietsane,ba bile ba le phahlo,
mahlatsa a ngoana ha ba a siee morao hoba a
bohlokoa.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Nts’etso pele
Ba tla amoheloa ka mofuthu ‘me ho thabuoe.Ka letsatsi le hlahlamang la
kamohelo ea ngoana,ba neng ba mo felehelitse ba khutlela hae.Ba fuoa
limpho ho bont’sa hore ba amohetsoe
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Ho melisa
Ngoana ha a melisa,oa hlatsa,oa ts’olla,oa longoa ka maleng,oa
petika,oa khathala,o hloka khotso,o bile o khaotsa ho bapala .Joale ho
mo qobisa mathata ao a mangata-ngata, o ee a inelloe mabejana ka
lefisoana.Ha hlahisitse ‘metso, a ne a noesoe metsi a teng nako le
nako.O tla melisa ha monate ho se khathatso ea letho.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Ngoana oa khoa
Ngoana haa ekhoa ,ha ngata oa pele o holela ha habo-moholo,ha
nkhona’e ea tsoalang ‘m’ae, ha malomae ea tla lokeloa ke khomo ea
seotla,a bile a fuoa tsa sets’oa.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Mantloane
Ngoana haa se a holile o bapala le ba bang
mantloaneng ho ithuta mekhoa e metle ea
bophelo le phelisano ‘moho,hore a hlompheloe
tsa hae, ’me a hlomphe tsa ba bang. Hona
mona,o bonts’a lits’ekamelo tsa hae tsa
bashanyana ha e le moshanyana le tsa banana
ha e le ngoanana.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Boikarabello
Ngoana oa Mosotho o kenya letsoho mosebetsing ea lelapa ka ho supisoa
seo a lokelang ho se etsa lebitsong la lelapa, ‘me o fuoa tataiso hore seo a
se etsang a tle a se phethe ka makhethe.
Ngoanana o se a ts’epeloa ho kha moroho, ho kha metsi le ho pheha lijo
ka mefuta ea tsona.
Moshanyana eena o qala ho alosa manamane,lipoli le linku; haa tloha
moo, o ea likhomong, ‘me o li baballa e le tsa hae, o bile o li batlela
makhulo le mekhabo eo li tla ‘ne li enoa ho eona.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Qetello
Ha banana le Bashanyana ba se ba le lilemong tsa ho nyala kapa ho
nyaloa ba ne ba:
Ngoanana ha a ne a rata mohlankana ea itseng, o ne a iketa ho
batsoali ba hae.O ne a ka ba bonts’a lerato le ts’abehang. A ba
roallele, a ba phehele, a ba hlatsoetse,a ba khelle moroho, a tlolake
ho ba sebeletsa ka sefutho le sebete se makatsang le tlhompho ea
masisa-pelo.
Moshanyana o ne a raha morits’oane.Baholo ba hae bohle ba
lelapa,ba ne ba kopanela ona le malom’a a le teng.Ba tla boisana ka
banana ba bararo. Oa senyamo, oa selia-lia le ea ileng a iketa lapeng
leo.Moshanyana o tla khetha ea khahluoeng ke ena.
Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation
Contact details
Lesotho College of Education
Contact:(59301681) kekeletele@gmail.com
Website
:https://www.facebook.com/keke.letele.1
College motto: Re Bona Leseli Leseling Lahau

More Related Content

What's hot

What's hot (20)

Phapano ea lenyalo la Basotho mehleng ea khale le mehleng ea kajeno
Phapano ea lenyalo la Basotho mehleng ea khale le mehleng ea kajenoPhapano ea lenyalo la Basotho mehleng ea khale le mehleng ea kajeno
Phapano ea lenyalo la Basotho mehleng ea khale le mehleng ea kajeno
 
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANELEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
 
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALEMEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
 
Lijo tsa basotho
Lijo tsa basotho Lijo tsa basotho
Lijo tsa basotho
 
Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3
 
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le bannaTlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
 
LENYALO LA SESOTHO by Makara
LENYALO LA SESOTHO by MakaraLENYALO LA SESOTHO by Makara
LENYALO LA SESOTHO by Makara
 
Melemo ea khomo
Melemo ea khomoMelemo ea khomo
Melemo ea khomo
 
Presentation[2016 0464]
Presentation[2016 0464]Presentation[2016 0464]
Presentation[2016 0464]
 
Joala ba Sesotho
Joala ba SesothoJoala ba Sesotho
Joala ba Sesotho
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
 
Maele ka khomo
Maele ka khomoMaele ka khomo
Maele ka khomo
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
 
Mohobelo oa seleribe
Mohobelo oa seleribeMohobelo oa seleribe
Mohobelo oa seleribe
 
Bachana le bo-maloma bona
Bachana le bo-maloma bonaBachana le bo-maloma bona
Bachana le bo-maloma bona
 
Lepato la sesotho khale
Lepato la sesotho khaleLepato la sesotho khale
Lepato la sesotho khale
 
Mokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa SesothoMokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa Sesotho
 
SEQOMA
SEQOMASEQOMA
SEQOMA
 
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
 
MARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHOMARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHO
 

Recently uploaded

Bahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali AzmiBahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmibookbahareshariat
 
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaranFAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaransekolah233
 
Bahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali AzmiBahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmibookbahareshariat
 
Bahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali AzmiBahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmibookbahareshariat
 
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرضمختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرضأنور غني الموسوي
 
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...Nguyen Thanh Tu Collection
 
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...Nguyen Thanh Tu Collection
 

Recently uploaded (9)

Bahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali AzmiBahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 4 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
 
Energy drink .
Energy drink                           .Energy drink                           .
Energy drink .
 
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaranFAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
 
Bahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali AzmiBahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 2 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
 
LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA .
LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA                 .LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA                 .
LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA .
 
Bahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali AzmiBahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
Bahare Shariat Jild 1 By SadurshSharia Mufti Amjad Ali Azmi
 
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرضمختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
 
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
 
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
 

Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho

  • 1. Lesotho College of Education Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho Likhoeli tse robong ha li thulametse, mokhachane o kena tlung ho itsïhlolla.Lekhatheng lena, basali le basali baholo ba bapepisi ba khobokanngoa mmoho ho hlabana ntoa ena e mahlo mafubelu.
  • 2. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Lelomolo la pele ngoana a hlahile • Ngoana o hameloa lebese la ‘m’ae khabaneng .Lebese leo le loetsoa ka mathe a mohale ea nang le makhabane a batloang ke sechaba. Makhabane e kaba a latelang: 1. A bohlabani ba lerumo . 2. A boits’oaro bo khahlang mahlo. 3. A ts’ebetso tse ntle tsa malapa. 4. A bosebeletsi bo babatsehehang ba naha likarolong tsohle tsa bophelo. Ngoana enoa o ngapetsa lelomolo leo ho mo fa lefutso ka ho mo qethisa.
  • 3. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Ho beha taba ho ntatae Mekhoa ea ho tsebisa ntate ha ngoana a hlahile e ‘meli. • Ha ngoana e le moshanyana ntat’ae o shapuoa ka thupa ho thoe, “Ke ngoana moshanyana ntho eo!” • Ha e le ngoanana, ntate o phuthumetsoa ka metsi a batang ho ntse ho thoe, “Ke ngoanana ntho eo!” kapa “Re fumane sekhametsi.”
  • 4. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Lebollo Matsatsinyana ngoana a hlahile, oa bolla.Basali ba thaba haholo ha ngoana a fihletse boemo bona.Ba hlaba molielietsane oa thabo.Basali ba bokana lapeng leo ho hlatsoa liaparo tse teng, ho lila le ho hloekisa.Ngoana eena o beoloa sehlotho sa hae sa boseea a be a tsoaele lapeng. Ngoana o qala ho bontsa kholo e potlakileng le ho ipha matla mmeleng a ntse a fuoa litlhare tse tlosang tsílana hore a lule a phetse hantle mmeleng.
  • 5. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Kuruetso Mohla khoeli e leng senkhoa,lapeng ha bo lesea leo, ho etsoa moketjana oa lijo,ho ketekeloa bana ba banyenyane.Tsatsi lena ke le leholo la kuruetsoa ke ngoanana oa leamohelo.O lelatsa ngoana hore a be a bone le ho lumela hore khoeli e mo chabetse ka mahlong a nto re: i. “kurrr! Kurrr! Kurrr! Thaká hao ke eane.” ii. Kuruetso e ‘ngoe ke ea ngoana oa moshanyana.Mona teng ngoana o nkoa ke moshitiri, ‘me le eena o ‘montsa khoeli ka mokhoa o tsoanang ebe o re: “kurrr! Kurrr! Kurrr! Molekane oa hao ke eane.”
  • 6. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Pehello puleng Mohla pula e nang litloebelele, lelapa lea bokana ho tla behella ngoana pula. Mang kapa mang a ka behella ngoana pula. Motho o tsoa amo khoaetse ka likobong a mo hlobolisitse. O fihla a mmeha faatsë a kakaletse hore pula e hle e mo kolobise e le kannete . Haa lla e le kannete,ba mo tlaka le ho mo tlatsetsa lerata ka hore: “Aa! Lesholu ke leo!’’ Motho eo o matha a fihla a mo fetola hape a mo paqamisa. Ka moraon ho moo,ngoana oa tlosoa,a phumuloe hantle a ome. Kolobetso ena e reretsoe ho mo qobisa pelo e telele ea ho phela ka tsa batho, ka bosholu.
  • 7. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Pitiki ea ngoana Rea elelloa hore ngoana joale o se a holile. Lelapa le etsa moketjana.Ho ritetsoe ho phehiloe le nku ea hlajoa.Mokete ona ke oa ho leboha basali bohle ba ileng ba kenya letsoho ho thusa mmangoana ka nako ea botsoetse ba hae. Mona ngoana oa kapisanoa ke bo-mme maipatong a bona,o hopotsoa letsatsi le leholo la tlhaho ea hae.Ho monate ho bona ha ba ntse ba mo nelehetsana,ke pitiki ea ngoana.Joale ba tla ja lijo le joala ba noa ba lesoatsa ba nto iqhalanela.
  • 8. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Ngoana oa fuoa Nako e ‘ngoe le e ‘ngoe ngoana haa sebeletsoa,o qobisoa motho ea mekhoa e mebe ka litsela tsohle. Lebaka ke hobane ha ba batle ha ngoana a ka futsa mekhoa e mebe. Ngoana ha a fuoa, ho khethoa nama ea nku e na le methanyana.Nama eo,e holimo holimo moo sephaka se fellang teng, oa e besetsoa.Joale khetlong le na o fuoa ke motho ea khalang haholo,ea tsejoang ka pelo e telele, haholo nameng . O nyaha le ho loetsa nama eo ka mathe a hae a nto fa ngoana hore a e latsoe ka ho ‘na a e nyeka.Ngoana eo, haa na ho khala ho hang.
  • 9. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Koroso ea ngoana Ngoana ha e le oa matsibolo,o hlahela ha habo moholo,a be a tlotloe ka ho fuoa mabitso a mabeli hobane ke ka eena ho supuoang hore ngoana ke oa malapa a mabeli,la habo le la habo-moholo. Joale ha ngoana a orosoa,ho tsebisoa ba habo hore tsatsing le itseng,ngoana o tla fihla habo a orosoa.O pheheloa haholo,ho bile ho ritetsoe.O felehetsoa ke sehlopha sa banna le basali ka melilietsane,ba bile ba le phahlo, mahlatsa a ngoana ha ba a siee morao hoba a bohlokoa.
  • 10. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Nts’etso pele Ba tla amoheloa ka mofuthu ‘me ho thabuoe.Ka letsatsi le hlahlamang la kamohelo ea ngoana,ba neng ba mo felehelitse ba khutlela hae.Ba fuoa limpho ho bont’sa hore ba amohetsoe
  • 11. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Ho melisa Ngoana ha a melisa,oa hlatsa,oa ts’olla,oa longoa ka maleng,oa petika,oa khathala,o hloka khotso,o bile o khaotsa ho bapala .Joale ho mo qobisa mathata ao a mangata-ngata, o ee a inelloe mabejana ka lefisoana.Ha hlahisitse ‘metso, a ne a noesoe metsi a teng nako le nako.O tla melisa ha monate ho se khathatso ea letho.
  • 12. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Ngoana oa khoa Ngoana haa ekhoa ,ha ngata oa pele o holela ha habo-moholo,ha nkhona’e ea tsoalang ‘m’ae, ha malomae ea tla lokeloa ke khomo ea seotla,a bile a fuoa tsa sets’oa.
  • 13. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Mantloane Ngoana haa se a holile o bapala le ba bang mantloaneng ho ithuta mekhoa e metle ea bophelo le phelisano ‘moho,hore a hlompheloe tsa hae, ’me a hlomphe tsa ba bang. Hona mona,o bonts’a lits’ekamelo tsa hae tsa bashanyana ha e le moshanyana le tsa banana ha e le ngoanana.
  • 14. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Boikarabello Ngoana oa Mosotho o kenya letsoho mosebetsing ea lelapa ka ho supisoa seo a lokelang ho se etsa lebitsong la lelapa, ‘me o fuoa tataiso hore seo a se etsang a tle a se phethe ka makhethe. Ngoanana o se a ts’epeloa ho kha moroho, ho kha metsi le ho pheha lijo ka mefuta ea tsona. Moshanyana eena o qala ho alosa manamane,lipoli le linku; haa tloha moo, o ea likhomong, ‘me o li baballa e le tsa hae, o bile o li batlela makhulo le mekhabo eo li tla ‘ne li enoa ho eona.
  • 15. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Qetello Ha banana le Bashanyana ba se ba le lilemong tsa ho nyala kapa ho nyaloa ba ne ba: Ngoanana ha a ne a rata mohlankana ea itseng, o ne a iketa ho batsoali ba hae.O ne a ka ba bonts’a lerato le ts’abehang. A ba roallele, a ba phehele, a ba hlatsoetse,a ba khelle moroho, a tlolake ho ba sebeletsa ka sefutho le sebete se makatsang le tlhompho ea masisa-pelo. Moshanyana o ne a raha morits’oane.Baholo ba hae bohle ba lelapa,ba ne ba kopanela ona le malom’a a le teng.Ba tla boisana ka banana ba bararo. Oa senyamo, oa selia-lia le ea ileng a iketa lapeng leo.Moshanyana o tla khetha ea khahluoeng ke ena.
  • 16. Re Bona Leseli Leseling La Hao. www.lce.ac.ls contacts: (+266) 22312721 www.facebook.com/LesothoCollegeOfEducation Contact details Lesotho College of Education Contact:(59301681) kekeletele@gmail.com Website :https://www.facebook.com/keke.letele.1 College motto: Re Bona Leseli Leseling Lahau