3. SELELEKELA
Lesotho joaloka linaha tse ling ke ‘Mamoratoa oa seratoa ke bohle ka
lebaka la botle ba eona. Motho ha shalima ka hare ho naha ea Lesotho o
boha botle ba tlholeho bo bakoang ke metsi a phallang a phoresela
lilomong. Motho a ka natefeloa haholo ke pono eo e khahlang mahlo ea
melatsoana e phallang ho isa phororong. Phororo ke sebaka seo metsi a
phallang a phorosela ka tsela e lebang tlaase.
4. MABITSO A LIPHORORO
TSA LESOTHO
Phororo ea Maletsunyane
Phororo ea Ketane
Phororo ea Ribaneng
Phororo ea Qiloane
Phororo ea Lepaqoa
5. PHORORO EA MALETSUNYANE
Ke phororo e fumanehang sebakeng se bolokehileng se Semonkong
seterekeng sa Maseru. Phororo ena e limithara tse lekholo mashome a
robong a metso e ‘meli empa ka likhato tse ka bang makholo a tšeletseng
a mashome a mararo. Phororo ena ke e ‘ngoe ea tse phahameng
lefatšeng. E fihleleha le ka koloi hape e lokeloa ho bonoa
6. NTŠETSO PELE KA PHORORO
EA MALETSUNYANE
Phororo ena e bohlokoa ho naha ea Lesotho kaha e le sebaka sa
bohahlaoli.
Setšoantšo ka
Wikipedia
7. PHORORO EA KETANE
Ke phororo e fumanehang seterekeng sa Mohale’s Hoek ho hlaha nokeng
ea Ketane. Phororo ena e bophahamo ba limithara tse lekholo mashome a
mararo a metso e mene empa ka likhato tse ka bang makholo a mane
mashome a mane a motso o mong.
8. NTŠETSO PELE KA
PHORORO EA KETANE
Setšoantšo ka Alamy Stock Photo.
Setšoantšo ka Alamy Stock Photo.
9. PHORORO EA RIBANENG
Ke phororo e fumanehang seterekeng sa Mafeteng. Phororo ena e
limithara tse lekholo leshome le metso e supileng empa ka likhato tse
makholo a mararo mashome a robeli a metso e mene.
11. PHORORO EA QILOANE
Ke phororo e pharaletseng e fumanehang sebakeng sa Setibing
seterekeng sa Maseru ho tsoa nokeng ea Makhaleng. E haufi le sebaka se
tumileng sa Molimo Nthuse.
12. NTŠETSO PELE KA
PHORORO EA QILOANE
Setšoantšo ka: https://images.app.goo.gl/QXvhrRMn1phGqGXL9
13. PHORORO EA LEPAQOA
Ke phororo e fumanehang seterekeng
sa Leribe. E tsebahala ka ho fetisisa e
le sebaka se hohelang mahlo a batho.
Phororo ena e limithara tse mashome
a tšeletseng. ‘Me ha ngata e hoama
Mariha ho etsa leqhoa le tihileng.
14. NTŠETSO PELE KA
PHORORO EA LEPAQOA
Setšoantšo ka: https://images.app.goo.gl/N1zXbF1w7xUSXCso6
15. MEHLOLI EA LIPATLISISO
1. en.m.wikipedea.org.(2020).Maletsunyane
Falls.(image) Available at:
https://en.m.wikipedea.org/wiki/Maletsuny
ane-
Falls#/media/File%3AMaletsunyanefalls.J
PG [Accessed 20 October 2020]
2. Globaladventureseekers.com.(2013).Qiloane
falls.(image) available at:
https://images.app.goo.gl/qqpp9GH5ZBJByc2v5
[Accessed 7 August 2020
16. NTŠETSO PELE EA
MEHLOLI EA LIPATLISISO
3. wondermondo.com.(2013). LANDMARKERS OF LESOTHO.
(online). Available at: https://www.wondermondo.com/wonders-of-
lesotho/
[Accessed 23 August 2020]