khoholeho ea mobu ke tloha ha mobu sebakeng se seng ho ea ho seng.O tlosoa ke lintho tse fapaneng. Hona le litholoana tsa khoholeho ea mobu hape re na letsela ea ho e thibela.
The Benefits and Challenges of Open Educational Resources
khoholeho ea mobu
1. Lesotho College of Education
Re Bona Leseli Leseling La Hao
Khoholeho ea mobu
ka
Thato Lefa
2. Boitsibiso
Mabitso:Thato lefa
Ke moithuti Lesotho College of Education
Thaba-Tseka Campus
U ka buoa le ho fumana ka `na mona:
•Email: thatolefa.angelinah@gmail.com
•LinkedIn :https//www.linkedin.com/in/thato-
lefa-0b42131b5
•Slide Share: http://www.slideshare.net/
thatolefa1/
•Facebook:https://www.facbook/thato.lefa.556
3. Tlhaloso ka khoholeho ea mobu
•Khoholeho ea mobu ke ho tloha hoa mobu sebakeng se seng ho ea
sebakeng se seng.O tlosoa ke lintho tse fapaneng joaloka metsi,moea
o fokang ka matla, batho le liphoofolo.
4. Lintho tse bakang khoholeho ea mobu.
•Metsi
•Moea o fokang ka matla
•Batho
•Liphoofolo
5. Metsi a baka khoholeho ea mobu joang?
•Pula e marotholi a liphara ha e otla lefatše,e ngobetsa mobu
ebe mobu oo o mongobo oa phahama o tsamaea le metsi.
•Metsi a phallang ka matla a hohola kobo ea lefatše e leng
mobu o mosesane o kaholimo a o isa sebakeng se seng
haholo-holo moo ho theosetsang.
•Metsi a boetse a bopa mobu ho etsa lipolokoe tse pitikang ho
theosa ho leba linokeng le mangopeng.
7. Moea o fokang ka matla.
•Moea o baka khoholeho ea mobu kaha o etsa litsokotsane.
•O boetse o koqola lifate ka methapo hoo ho salang likoti tse kholo.
8. Batho ba baka khoholeho ea mobu joang?
•Litaaso li hohola mobu letsatsi le letsatsi ha li tsamaea ho ea le ho khutla
mabakeng a fapaneng.
•Batho ba cheka mobu o lilang ka matlung, ha ba bang ba o ja.
•Ba boetse ba cheka likoari ebe ho sala ho le feela.
9. Liphoofolo li baka khoholeho ea mobu joang?
•Ho fulisa liphoofolo sebakeng se le seng nako e telele ho
baka khoholeho ea mobu kaha joang boa fela ebe ho sala
letsoatlara.
•Ho ekeletsa moo, litlhako tsa liphoofolo li cheka lefatše li etsa
mobu o bobebe hoo o fefohang habonolo.
10. Litholoana tsa khoholeho ea mobu.
•Mobu o kaholimo o nonneng oa tloha ‘me lijalo li sala li
ponne.
• Ho heleha hoa mafika a oela matlo holimo.
•Ho ba le mangope.
•Litsela lia senyeha li ba likoti.
11. Litsela tsa ho thibela khoholeho ea mobu.
•Re lokela ho kata mangope ka majoe le terata.
•Re leme lifate ‘me re sebelise leano la hore ha re rema sefate,re leme
se seng.
•Re leme mohloa oa qhaqhaoe kaha o ts’oara mobu ka methapo ea
oona.
13. Qetello
Kaha ha ho na tjaka tlhoka koli, moo ho nang le botle, bobe le bona
bo teng,le moo ho leng ho be botle bo ntse bo le teng ‘me leka
khoholeho ea mobu botle bo teng.
•Mesebetsi e ba teng ,batho ba hiroa lifato-fatong ho katoa mangope ‘me
sena se ntlafatsa naha, ebile se holisa moruo oa naha.
•Re bona masimo a tlaase pela linoka a ba le lijalo tse ntlafetseng,kaha
mobu o hoholeha ho tloha holimo ho ea tlaase ka matsoai `ohle a eme
masimong ao.
15. Mehloli ea lipatlisiso.
1.Alan King,N.(1985).An Introduction Agriculture.
2.Botle,S. ,Jobo,M. and Kamoho,M.(1984). Excel in Agriculture.
Maseru: Longman.
3.Founier,J. (2011). Environmental Science, Engineering and
Technology.
4.Gholami,v.(2013). The influence of deforestation on runoff
generation and soil erosion.[Online]Available at
https://doi.org/10.17221/2020/20/2013-JFS .[Accessed on 20 August
2020].
5.Lebitsa,T. and Motholo,L.(2005).Trends in Agriculture 2
Pupils`Book.Maseru:Heineman Lesotho.