Mekhabo- puo ke puo e poteletseng e monate e sebelisoang ho tlaleha litaba ka bokhabane. Mekhabo-puo e mefuta e mengata empa sepheo sa eona ke ho hlalosa litaba ka bokhabane. Mokhabo-puo pebolo o sebelisoa ho tlaleha litaba tse bohloko ka bokhabane hore li se utloisi ba limametseng kapa ba li balang bohloko. Taba ka nako engoe e ka hlalosoa ka mekhoa e fapaneng ha monate e le hore e natefele babali kapa bamameli.Hona ho etsoa ka tsebeliso ea mokhapo-puo phelekanyo.
Lintho tseo e seng batho lina le ho hlalosoa ha monate ka bokhabane lina le libopheho kapa li etsa liketso tsa batho.Ha ho etsoa tsena ho sebelisoa mokhabo-puo nthofatso.Puong ea sesotho batho bana le ho tlaleha litaba ka bokhabane ka mantsoe ao hosa lebellong hore aka hlalosa ho fapaneng le hoba ho bolelang. Mokhabo- puo kobiso o thusa ho nyefola ka mokhoa o sa lebelloang.
Lintho tse ling lina le mabitso are hopotsang ona a sebele. Ha motho a bitsa ntho ka lebitso lesa tloaelehang o sebelisa mokhabo–puo seemela sebakeng sa lebitso la mehla la ntho.Ha ho tiisoa taba ka bokhabane ho sebelisoa mantsoe a sa lumellaneng ‘me sena se etsoa ka mokhabo-puo sefahlollo hore taba e hlake. Mokhabo-puo moqasa o sebelisoa ho beha litaba ha monate ka ho latellanya meelelo ho qaka ka moelelo o monyane ho isa ka o moholo.