SESOTHO
MAELE LE MAELANA
KA: LELINGOANA NYOKANA
EMAIL ACCOUNT: lnyokana677@gmail.com
face book account: https://www.fecebook.lelingoana.nyokana.com
TLHALOSO EA MAELE LE MAELANA
Moleleki (1993) le Moletsne (1995) haba
hlalosa Maele bare a bopiloe ka lipolelo tse
feletseng, ha maelana ele lipolelo tse sa
fellang feela li fana ka molaetsa o poteletseng
o batlang motho a inahanang ka pele.
MAELE LE MAELANA A BOPILOENG KA LITHO TSA ’MELE
 Molomo mosehlanyane ha o mameloe.
Motho ea eisehang ha a mameloe.
 Matsoho a melisetsa ’metso.
Motho o lokela ho sebetsa hore lijo li tsebe
ho ba teng.
 Mahlo ke liala a tšela noka e tletse.
Mahlo a bona hole a bona le tseo re sa li
boneng.
MAELE LE MAELANA A BOPILOENG KA
LIPHOOFOLO TSA HAE
 Khomo ea lebese ha e itsoale.
Bana hangata ha ba futse batsoali.
 Lesholu ke ntja le lefa ka hlooho ea lona.
Lesholu ha le tšoeroe le ka bolaoa ha le
hauheloe.
 Ke namane e ka mpeng.
Ke ntho e-song ho tsebahale.
 Monna ke nku ha lle.
Monna leha a ka utloa bohloko ha lebelloa hore
a lle.
MAELE LE MAELANA A BOPILOENG KA
LIPHOOFOLO TSE HLAHA
 Phokojoe ho phela e liretsana.
Motho ea bohlale, ea sebetsang ke eena ea
atlehang.
 Ngoana tali o tsejoa ka mereto.
Ngoana ea futsitseng/ ea tšoanang le batsoali
ba hae.
 Pela e ne e hloke mohatla ke ho romeletsa.
Motho ea romang o lula a haelloa ke lintho.
MAELE LE MAELANE A BOPILOENG
LINONYANA LE LIKOKONYANA
 Phakoe e ja ka balisa.
Mookameli o ja ka bao a ba okametseng.
 Ke Motjoli o setono se sephatšoa.
Ke motho ea sa tšepahaleng.
 Khopi e rahoa ke monono.
Motho ea sieang maruo le monono oo a o
fumaneng.
MAELE LE MAELANA A BOPILOENG KA BATHO
 Lentsoe la morena le aheloa lesaka.
Morena oa mameloa.
 Kotlo sa monna ke leralla.
Monna a ka ntša metsi hohle ha feela a furaletse.
 Lefu ke ngoetsi ea malapa ’ohle.
Lelapa le leng le le leng le ka hlaheloa ke lefu.
 ’M’a ngoana o tšoara thipa ka bohaleng.
’M’e o sireletsa ngoana oa hae le litabeng tse
thata haholo.
MAELE LE MAELANA A BOPILOENG KA LIJO LE LIMELA
 Leraka le shoetsoe ke molebo.
 O lahlehetsoe ke motho kapa seo a neng
a se tšepile.
 Ke nonyana se-nya-mafi.
 Motho ea buang haholo ea mamelehang
ea litaba li monate.
 Taba e boleloa ke lehlokoa kapa
lekhoaba.
 U ka etsa taba sephiring athe u tla bonoa
ke sebatalali ebe sea bolela.
MAELE LE MAELANA A BONTŠANG LIKETSO
 Leboella lea ja.
 Ho khutlela nthong e kotsi e ka u ntša
kotsi.
 Botsoa ha bo jeloe.
 Motho ea botsoa ha fumane letho,
botsoa ha bo thuse.
 Ho emela e marotholi a liphara.
 Ho emela kotsi e tlang.

Maele le maelana.

  • 1.
    SESOTHO MAELE LE MAELANA KA:LELINGOANA NYOKANA EMAIL ACCOUNT: lnyokana677@gmail.com face book account: https://www.fecebook.lelingoana.nyokana.com
  • 2.
    TLHALOSO EA MAELELE MAELANA Moleleki (1993) le Moletsne (1995) haba hlalosa Maele bare a bopiloe ka lipolelo tse feletseng, ha maelana ele lipolelo tse sa fellang feela li fana ka molaetsa o poteletseng o batlang motho a inahanang ka pele.
  • 3.
    MAELE LE MAELANAA BOPILOENG KA LITHO TSA ’MELE  Molomo mosehlanyane ha o mameloe. Motho ea eisehang ha a mameloe.  Matsoho a melisetsa ’metso. Motho o lokela ho sebetsa hore lijo li tsebe ho ba teng.  Mahlo ke liala a tšela noka e tletse. Mahlo a bona hole a bona le tseo re sa li boneng.
  • 4.
    MAELE LE MAELANAA BOPILOENG KA LIPHOOFOLO TSA HAE  Khomo ea lebese ha e itsoale. Bana hangata ha ba futse batsoali.  Lesholu ke ntja le lefa ka hlooho ea lona. Lesholu ha le tšoeroe le ka bolaoa ha le hauheloe.  Ke namane e ka mpeng. Ke ntho e-song ho tsebahale.  Monna ke nku ha lle. Monna leha a ka utloa bohloko ha lebelloa hore a lle.
  • 5.
    MAELE LE MAELANAA BOPILOENG KA LIPHOOFOLO TSE HLAHA  Phokojoe ho phela e liretsana. Motho ea bohlale, ea sebetsang ke eena ea atlehang.  Ngoana tali o tsejoa ka mereto. Ngoana ea futsitseng/ ea tšoanang le batsoali ba hae.  Pela e ne e hloke mohatla ke ho romeletsa. Motho ea romang o lula a haelloa ke lintho.
  • 6.
    MAELE LE MAELANEA BOPILOENG LINONYANA LE LIKOKONYANA  Phakoe e ja ka balisa. Mookameli o ja ka bao a ba okametseng.  Ke Motjoli o setono se sephatšoa. Ke motho ea sa tšepahaleng.  Khopi e rahoa ke monono. Motho ea sieang maruo le monono oo a o fumaneng.
  • 7.
    MAELE LE MAELANAA BOPILOENG KA BATHO  Lentsoe la morena le aheloa lesaka. Morena oa mameloa.  Kotlo sa monna ke leralla. Monna a ka ntša metsi hohle ha feela a furaletse.  Lefu ke ngoetsi ea malapa ’ohle. Lelapa le leng le le leng le ka hlaheloa ke lefu.  ’M’a ngoana o tšoara thipa ka bohaleng. ’M’e o sireletsa ngoana oa hae le litabeng tse thata haholo.
  • 8.
    MAELE LE MAELANAA BOPILOENG KA LIJO LE LIMELA  Leraka le shoetsoe ke molebo.  O lahlehetsoe ke motho kapa seo a neng a se tšepile.  Ke nonyana se-nya-mafi.  Motho ea buang haholo ea mamelehang ea litaba li monate.  Taba e boleloa ke lehlokoa kapa lekhoaba.  U ka etsa taba sephiring athe u tla bonoa ke sebatalali ebe sea bolela.
  • 9.
    MAELE LE MAELANAA BONTŠANG LIKETSO  Leboella lea ja.  Ho khutlela nthong e kotsi e ka u ntša kotsi.  Botsoa ha bo jeloe.  Motho ea botsoa ha fumane letho, botsoa ha bo thuse.  Ho emela e marotholi a liphara.  Ho emela kotsi e tlang.