2. SELELEKELA
• Mehleng ea pele ho ne ho le monate banana le bashanyana ba bapala sebuleke ha tala e
anela mohlaka, lipula ele tsa matlopotlopo tsa holupa khotso le nala, nketu tsa e roka tlasa
maliba thaha le tjobolo tsa theha makalo mohlakeng, keha lipalesa li tsoaka mebala li apara
lithunthung re cheka lioelioetla le montsonkoane sehoete-moru se khahla mofeta ka tsela
3. LEKHALA LA THABA(RED ALOE)
Hara limela lekhala la thaba ke morena, lona le sebelisoa hophekola liso, hocha, makhopho,
manonyeletso a opang(Athratis), le boetse le sebelisoa hohlatsoa sefifi kapa bofifi bohle, lefu
la tsoekere(sugar diabetes) le phallo e holimo ea mali
Setsoantso ka
Kele Khoathela
4. TOOANE
• Ke mofuta omong oa phefo, eona e ka sebelisoa hophekola sefuba le hohloka boroko ha e
nooa e phehiloe
Setsoantso ka
Kele Khoathela
5. LETJOI
• Ke se seng sa litlama tse mesebetsi e mengata ebile li fumaneha ha bobebe, makhasi a lona
a thusa hophekola hlooho hq u arubela ka ona,a boetse a thusa hophekola lipiles(methapo
e ruruhileng ka litonong le mohlamung)
Setsoantso ka
Kele Khoathela
6. MOFAHLA-TOEBA
• Lebitso lebe ke seromo, joalo feela kaha lebitso le hlalosa, setlama sena sea fahla, se etsa
hore mahlo a lle ha a ka ba haufi le sona, Basotho ba pele ba ne ba se sebelisa hotebela
litoeba, se kengoa mekoting ea litoeba le hohle litseleng tsa tsona katlung
Setsoantso ka
Kele Khoathela
7. MOFERA-NGOPE
• O sebelisoa hokopanya masapo a motho kappa phoofolo e robehileng, Basotho ba e bitsa
thobea
Setsoantso ka
Kele Khoathala
8. LEPEKA
• Mohopu o tlalehoa ka lepeka(ho sheba) e tsoang puong ea Isizulu “ibheka,” le tloahelehile
kahore ke sheba nna feela, lona le sebetsa ele lijo makhasing, hape le sebetsa litabeng tsa
marato
Setsoantso ka
Kele Khoathela
9. MONTSONKOANE(common meadow star)
• Kametsong ke lijo tse monate, tatso ea teng ke tsoekere e isang hoshoekheng, kafatse ke
moriana oa maqeba a kampeng le mala, makhasi a teng a chesoa ebe ho nkoa lebese le
tsoang le chefu ho etsoa metsu e chefo ha ho tsongoa
Setsoantso ka
Kele Khoathela
10. PAPETLOANA
• Lipalesa tsa eona li na le monko o matla, kametsong ke pitsa ea bontate hoba le matla
ntoeng ea lehlanahlana
Setsoantso ka
Kele Khoathela
11. MONOKOTSOAI OA BANNA
• Litholoana tsa teng ke lijo tse tletseng ka maro a bohlokoa(super food) ho loantsa mafu a
mangata le homatlafatsa sesole sa ‘mele, holatela liphuputso, monokotsoai ke se seng sa
limela tse loantsang virus e bitsoang coxsackieviruses, ona ke mofuta o bakang mafu a
kareng polio, hepatitis le amang
Setsoantso ka
Kele Khoathela
12. THOLA
• Thola e tsejoa haholo ka hotholisa bohloko, motho ha a opeloa eba hothoe a mpmele ka
thola o tla fola, hape e sebelisoa hophekola meno a bohloko
Setsoantso ka
Kele Khoathela
13. LEMANAMANA
• Lona le sebelisoa kafatse, bokaholimo ba lona mariha bo fetoha bohome bo manamang, le
sebelisoa hophekola nyooko ha u k’hapha ka lona, le hlatsoa liphieo le senya, mosese o
chesang, le bile le sebelisoa le litabeng tsa marato
Setshoantso ka
Kele Khoathela
14. QETELLO
• Ke menyeletsa Maritsa ka hore Basotho ba heso ha re hlokomeleng le hobaballa limela
kaha li bohlokoa bophelong ba rona le hore moloko o tlang o tlo li fumana u li tsebe le ho li
sebelisa, khaotsang hocheka limela kaofela ho sa sale letho kaha e kaba hofela ha semela se
joalo, ha u cheka bokatlase ba semela siea u koahetse bokaholimo boo ka mobu
• KEA LEBOHA, LIKHOMO BASOTHO
15. MEHLOLI EA LIPATLISISO
• https://africantonics.com/
• Koduvu.S.V. Grierson, D.S. Van de venter M.Afolayan, A.J. Anticancer activity of steroid
alkaloid isolated from solanum aculeastrum.Pharm. Biol. 2007, 45, 613-618[Google scholar]
[Crossref]
• Burger, T. Mokoka, T.Fouche, G.Steenkamp, V. Cordier, W.Solamargin, a bioactive steroidal
alkaloid isolated from solanum aculeastrum induces non-selective cytotoxicity and
pglycoprotein inhibition. BMC Complement. Altern.Med. 2018, 18, 137 [Google scolar]
[Crossref]
• Koduru , S.V. Griesrson, D.S. Van de Venter, M.Afoloyan, A.J . In vitro untitumour activity of
solanum aculeastrum berries on three carcinoma cells. Int. J.Cancer Res. 2006, 2, 397-
402[Google scholar]
16. NTSETSO PELE EA MEHLOLI EA
LIPATLISISO
• https://www.ncbi.nlm.nih.gov/pmv/articles/PMC8740180/
• https://africantonics.com/adaptogens/health-benefits-of-puncturevine/
• https://www.britanica.com/science/opium