This document summarizes the major challenges facing Lesotho as a nation. It identifies unemployment, poverty, crime, corruption, and drought as significant issues. For each challenge, it provides a brief description of how it impacts the country and links to additional sources for further information. In conclusion, it stresses the importance of understanding both current and historical problems in order to address the nation's needs effectively.
3. SELELEKELA
Naha engoe le engoe ena le liqholotso tseo e tobaneng le tsona
‘me batho ba taolong ea naha engoe le engoe ba sebetsa ka thata
ho fihlela litharollo tsa liqholotso tse tobileng naha ea
bona.Liqholotso tse tobileng naha ea Lesotho ke tse
latelang;bobolu,bofutsana ,ho hloka mosebetsi,thekisetsano ea
batho le komello.
4. HO HLOKA MOSEBETSI
Naha ea Lesotho e tjametsoe ke bothata ba tlhokahalo ea mesebetsi
‘me Basotho ba bangata ha ba sebetse joale ba qetella ba ithekisitse
ka sepheo sa ho fumana chelete.Boholo ba batho ba ithekisang ke
batho ba batšehali.Ka lebaka la ho ithekisa ho bakoang ke tlhokahalo
ea mesebetsi,ba bang ba Basotho ba qetella ba kula ba tšoaroa ke
mafu a kang mafu a likobo.
6. BOFUTSANA
Naha ea Lesotho e tobane le qholotso ea bofutsana moo Basotho
ba bangata ba kollang ntši hanong.Bang ba sokola ho fumana
lijo,liaparo ekasitana le matlo a bolulo hore bophelo bo
tsoelepele ka thello.Ka lebaka la bofutsana bang ba Basotho ba
qetella e le litloli tsa molao hoba ba ikhapela tsa ba bang ka
sepheo sa ho ikholla bofumeng.
8. BOBOLU
Lesotho le tobane le qholotso ea bobolu,bobolu bona bo bonahala
haholo Makaleng a ‘muso haholo holo liofising tsa litšebeletso tsa
sechaba.Boholo ba batho ba etsang bobolu ke batho ba taolong
ekaba ea thepa ,khiro ea mesebetsi le kamohelo likolong tsa thuto
e phahameng,’me ke moo masiba a mpshe a sebetsang haholo.
10. THEKISETSANO EA
BATHO
Ho latela qholotso ea bofutsana ekasitana le tlhokahalo
mesebetsi ka hara naha ea Lesotho ,Basotho ba qetella ba kene
lemeneng la ho rekisoa haholo batho ba batšehali.Baroetsana
kapa basali ba lilemong tse tlase ba tšepisoa mesebetsi Africa
boroa empa ba qetella ba fetoha makhoba a thobalano kapa ho
rekisa lithethefatsi ka thoko ho molao.
12. KOMELLO
Ka lebaka la bosiko ba pula lilemong tsa morao rao naheng ea
Lesotho bo bakoang ke pheto phetoho ea boemo ba leholimo, ho
bonahala komello e ngata ‘me tame ea masimong ha e sa ba e ntle
haholo.Ka hoo tlhokahalo ea lijo ke bothata bo bong bo
aparetseng Basotho hamoo le liphoofolo kaha ha ho joang bo
melang molemong oa ho re liphoofolo li tsebe ho fula.
14. QETELLO
Ho bohlokoa hore motho e mong le e mong a tsebe liqholotso
kapa mathata a tobileng naha ea habo molemong oa hore ba
be leseling la litharollo tse ka etsoang ho theola kapa ho emisa
liqholotso tseo kaofela.kaho liqholotso ha li ntse li phahama
ka hara naha joaloka bobolu le moruo oa naha oa thefuleha.
15. MEHLOLI EA LIPHUPUTSO
• africaw.com(2019).Major problems facing Lesotho
today.[online].Available at :
https://www.africaw.com/major-problems-facing-Lesotho-
today. (Accessed on 20/09/2020)
• theguardian.com(2016).Lesotho΄s green drought pushes
thousands deeper into hunger.[online].Available at :
https://www.theguadian.com/global-
development/2016/feb/18/Lesotho-green-drought-hunger-
rain-malnutrition-disease.(Accessed on 10/10/2020)
16. NTŠETSO PELE EA MEHLOLI EA LIPHUPUTSO
• Dreamstime.com(2020).Lesotho Traditional House-Basotho
Hut Stock Photo.[online].Available at :
https://www.dreamstine.com/non-staged-real-Lesotho-
traditional- house-basotho-hut-image175158240 (Accessed on
19/07/2020)
• istockphoto.com(2020).Corruption Stock Photos, Pictures &
Royalty-Free images - iStock [online].Available at :
https://www.istockphoto.com/photos/corruption?mediatype=phot
ography&phrase=corruption&sort=mostpopular (Accessed on
18/10/2020)