SlideShare a Scribd company logo
‘MAMAPHUTSE BENEDICTA ROELANE
LESOTHO COLLEGE OF EDUCATION
DIPLOMA IN EDUCATION PRIMARY 3
Email:roelanem94@gmail.com
Reference:Ngcangca(1990)
LILOTHO TSA SESOTHO
SELELEKELA
Basotho ke batho ba atlehang ho nahana ka pele hore na ba ka etsang ho itlosa
bolutu le hona ho thibela bana ho kena linthong tse ka bang kotsi ho bana ba
bona e ka sitana le malapa a bona ka ho etsa lilotho.Basotho ba qapile lilotho e
le ho chorisa puo ea Sesotho.
TLHALOSO EA LILOTHO
Ho ea ka Ngcangca (1990:59) lilotho ke lipapiso tse tsoapetseng , tseo
tharollo ea tsona e leng e nepahetseng, e bile e amoheleha ho ea ka
bochaba le bolulo ba batho bao ba bapalang papali ea lilotho.
LILOTHO LI BAPALOA KE BO-MANG? NENG?
Lilotho li bapaloa ke litho tsohle tsa lelapa. Ke moo ba baholo ba rutang
bana tikoloho le boinahano ba ka pele. Lilotho li bapaloa mantsiboea
ha ho lutsoe ‘me mesebetsi eohle ea lelapa e felile ho oriloe mollo.
MELEMO EA LILOTHO
• Li thusa libapali ho tseba ho khabisa puo.
• Li thusa libapali ho beha litaba ka tlhatlhamano, ka tatellano e hlokehang.
• Li ruta libapali tikoloho eo li phelang ho eona ka ho bapala.
• Li tlisa boinahano bo potlakileng.
• Li thusa libapali ho ba kelello e chatsi e sa lebaleng, e bolokang litaba tse
ngata ka ha sebapali se lokela ho tseba lilotho tse ngata hore se se hloloe.
• Li tlosa bolutu.
• Li thusa libapali ho ba seli le ho ela hloka lintho tse ba potileng, kaha li etsoa
ka limela, liphoofolo, litho tsa ‘mele tsa batho le lisebelisoa tsohle.
MOKHOA OA HO LOTHA
Ho lothana batho ba babeli kapa lihlopha tse peli e mong ke ea lothang e mong
ke ea fanang ka karabo ea selotho.
Mohlala; ea lothang ;ka o lotha.
Moarabeli ; kang?
Ea lothang;majoana mabeli mabetsa hole.
Moarabeli ; mahlo
Ha moarabeli a sa tsebe o tlare ka sereka.
Ea neng a lotha pele o sa fetoha moarabeli.
Papali e tsoela-pele joalo.
LILOTHO TSE QAPILOENG KA LITHO TSA ‘MELE
Selitho Karabo
•‘M’e ntšoare ke nye nko
•Masimo a mothating lintši
•Phutse le hara thota mokhubu
•Mohlankana ea lulang lehaheng leleme
‘m’e ntšoare ke nye - nko
Mohlankana ea lulang lehaheng -
leleme
Masimo a mothating - lintši
LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIJO
Selotho Karabo
• Ka qhala phoofo ka ja mokotla moholu.
• Maqheku a qabana ka kehaheng likhobe.
• Thankha-thankha ketla tsoalla kae? mokopu ha o nama.
• O monate feela oa hlaba torofeee.
• Botala ke joang, bofubelu ke ba mali, monate ke oa tsoekere lehapu.
Thankha-thankha ke tla tsoalla kae?-
mokopu ha o nama
U monate feela u oa hlaba -torofeee
Botala ke ba joang,bofubelu ke ba
mali,monate ke oa tsoekere-
lehapu
LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIHLOLILOENG
Selotho Karabo
• Phate lia lekana. Leholimo le lefatše
• Mala a nku marang-rang. mohloa
• Monna eo e reng ha khotše a roalle. noka
• Lithung-thung tsa tlapa le leholo. linaleli
• Nthethe a bina moholo a lutse. sefate
Lithung-thung tsa tlapa le leholo -
linaleli
Nthethe a bina moholo a lutse -
sefate
Phate lia lekana –leholimo le
lefatše
Mala a nku marang-rang-mohloa Monna eo e reng ha a khotše a roalle - noka
LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIPHOOFOLO
Selotho Karabo
• ‘Mamonyamane motsoa lehlakeng katse
• Lehalima lereli le pota motse namane
• Khare ea leifo ntja
• ‘Mamosana poeea u tla feta joang banneng? poli
‘mamonyamane motsoa lehlakeng -
katse
Khara ea leifo - ntja
Lehalima lereli le pota motse - namane
‘mamosana poeea u tla feta joang banneng?
- poli
LILOTHO TSE QAPILOENG KA LISEBELISOA
Selotho Karabo
• Senya ka ‘mele motlhotlo
• Lipoli tsa makeleketla li fula li bothile sekele
• Mosali ea linyao mpeng sesiu
• Monna ea sekhoalita hlohong lesokoana
• Khomo ea bohali ba ‘mao e selota mpeng. Leloala le tšiloana
Lipoli tsa makeleketla li fula li
bothile -sekele
Khomo ea bohali ba ‘mao e
selota mpeng –leloala le tšiloana
Mosali ea linyao mpeng - sesiu
QETELLO
Ke hooa malume ho lona Basotho ke re sekoele.Ha re boeleng setsong
sa rona, re etseng lilotho le ba malapa a rona kaha lilotho li thusa bana
ho bua puo ea Sesotho ka nepo le ho etsa bana ba bang le boinahano
ba kapele.

More Related Content

What's hot

Lijo tsa basotho
Lijo tsa basotho Lijo tsa basotho
Lijo tsa basotho
NtsohaliNtoa
 
MEFUTA EA LIJO TSA BASOTHO
MEFUTA EA LIJO TSA BASOTHOMEFUTA EA LIJO TSA BASOTHO
MEFUTA EA LIJO TSA BASOTHO
Nkhahliseng Masite
 
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le bannaTlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
SelloKhojane1
 
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.
PapaliMonaheng
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
ReatileTaunyanereati
 
Bachana le bo-maloma bona
Bachana le bo-maloma bonaBachana le bo-maloma bona
Bachana le bo-maloma bona
Mpolai Ts'ephe
 
Maele ka khomo
Maele ka khomoMaele ka khomo
Maele ka khomo
mafeeanelemena
 
Setaele sa thothokiso
Setaele sa thothokisoSetaele sa thothokiso
Setaele sa thothokiso
leratomoorosi
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
MalikotsiMokochoa
 
Mebala
MebalaMebala
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
LeratoMosoeu1
 
Lenyalo la sesotho
Lenyalo la sesothoLenyalo la sesotho
Lenyalo la sesotho
Chakatsa M pulane
 
Lipapali tsa sesotho
Lipapali tsa sesothoLipapali tsa sesotho
Lipapali tsa sesotho
Mamakula A. Mohale
 
MEBALA EA LIPHOOFOLO.pptx
MEBALA EA LIPHOOFOLO.pptxMEBALA EA LIPHOOFOLO.pptx
MEBALA EA LIPHOOFOLO.pptx
mphomatasanemp
 
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALEMEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
Mcedisi Chiphi
 
Lit'somo, lit'sobotsi tsa t'somo
Lit'somo, lit'sobotsi tsa t'somoLit'somo, lit'sobotsi tsa t'somo
Lit'somo, lit'sobotsi tsa t'somo
Magreen Khusu
 
Mokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa SesothoMokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa Sesotho
maseabatalitsoane
 
MARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHOMARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHO
kabeloMasaoana
 
Ts'ebeliso ea mats'oao
Ts'ebeliso ea mats'oaoTs'ebeliso ea mats'oao
Ts'ebeliso ea mats'oao
gemintsohlo
 
LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptxLIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LCE
 

What's hot (20)

Lijo tsa basotho
Lijo tsa basotho Lijo tsa basotho
Lijo tsa basotho
 
MEFUTA EA LIJO TSA BASOTHO
MEFUTA EA LIJO TSA BASOTHOMEFUTA EA LIJO TSA BASOTHO
MEFUTA EA LIJO TSA BASOTHO
 
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le bannaTlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
 
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
 
Bachana le bo-maloma bona
Bachana le bo-maloma bonaBachana le bo-maloma bona
Bachana le bo-maloma bona
 
Maele ka khomo
Maele ka khomoMaele ka khomo
Maele ka khomo
 
Setaele sa thothokiso
Setaele sa thothokisoSetaele sa thothokiso
Setaele sa thothokiso
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
 
Mebala
MebalaMebala
Mebala
 
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
 
Lenyalo la sesotho
Lenyalo la sesothoLenyalo la sesotho
Lenyalo la sesotho
 
Lipapali tsa sesotho
Lipapali tsa sesothoLipapali tsa sesotho
Lipapali tsa sesotho
 
MEBALA EA LIPHOOFOLO.pptx
MEBALA EA LIPHOOFOLO.pptxMEBALA EA LIPHOOFOLO.pptx
MEBALA EA LIPHOOFOLO.pptx
 
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALEMEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
MEAPARO EA BASOTHO EA KHALE
 
Lit'somo, lit'sobotsi tsa t'somo
Lit'somo, lit'sobotsi tsa t'somoLit'somo, lit'sobotsi tsa t'somo
Lit'somo, lit'sobotsi tsa t'somo
 
Mokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa SesothoMokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa Sesotho
 
MARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHOMARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHO
 
Ts'ebeliso ea mats'oao
Ts'ebeliso ea mats'oaoTs'ebeliso ea mats'oao
Ts'ebeliso ea mats'oao
 
LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptxLIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
 

LILOTHO TSA SESOTHO.pptx

  • 1. ‘MAMAPHUTSE BENEDICTA ROELANE LESOTHO COLLEGE OF EDUCATION DIPLOMA IN EDUCATION PRIMARY 3 Email:roelanem94@gmail.com Reference:Ngcangca(1990)
  • 2. LILOTHO TSA SESOTHO SELELEKELA Basotho ke batho ba atlehang ho nahana ka pele hore na ba ka etsang ho itlosa bolutu le hona ho thibela bana ho kena linthong tse ka bang kotsi ho bana ba bona e ka sitana le malapa a bona ka ho etsa lilotho.Basotho ba qapile lilotho e le ho chorisa puo ea Sesotho.
  • 3. TLHALOSO EA LILOTHO Ho ea ka Ngcangca (1990:59) lilotho ke lipapiso tse tsoapetseng , tseo tharollo ea tsona e leng e nepahetseng, e bile e amoheleha ho ea ka bochaba le bolulo ba batho bao ba bapalang papali ea lilotho.
  • 4. LILOTHO LI BAPALOA KE BO-MANG? NENG? Lilotho li bapaloa ke litho tsohle tsa lelapa. Ke moo ba baholo ba rutang bana tikoloho le boinahano ba ka pele. Lilotho li bapaloa mantsiboea ha ho lutsoe ‘me mesebetsi eohle ea lelapa e felile ho oriloe mollo.
  • 5. MELEMO EA LILOTHO • Li thusa libapali ho tseba ho khabisa puo. • Li thusa libapali ho beha litaba ka tlhatlhamano, ka tatellano e hlokehang. • Li ruta libapali tikoloho eo li phelang ho eona ka ho bapala. • Li tlisa boinahano bo potlakileng. • Li thusa libapali ho ba kelello e chatsi e sa lebaleng, e bolokang litaba tse ngata ka ha sebapali se lokela ho tseba lilotho tse ngata hore se se hloloe. • Li tlosa bolutu. • Li thusa libapali ho ba seli le ho ela hloka lintho tse ba potileng, kaha li etsoa ka limela, liphoofolo, litho tsa ‘mele tsa batho le lisebelisoa tsohle.
  • 6. MOKHOA OA HO LOTHA Ho lothana batho ba babeli kapa lihlopha tse peli e mong ke ea lothang e mong ke ea fanang ka karabo ea selotho. Mohlala; ea lothang ;ka o lotha. Moarabeli ; kang? Ea lothang;majoana mabeli mabetsa hole. Moarabeli ; mahlo Ha moarabeli a sa tsebe o tlare ka sereka. Ea neng a lotha pele o sa fetoha moarabeli. Papali e tsoela-pele joalo.
  • 7. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LITHO TSA ‘MELE Selitho Karabo •‘M’e ntšoare ke nye nko •Masimo a mothating lintši •Phutse le hara thota mokhubu •Mohlankana ea lulang lehaheng leleme
  • 8. ‘m’e ntšoare ke nye - nko Mohlankana ea lulang lehaheng - leleme Masimo a mothating - lintši
  • 9. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIJO Selotho Karabo • Ka qhala phoofo ka ja mokotla moholu. • Maqheku a qabana ka kehaheng likhobe. • Thankha-thankha ketla tsoalla kae? mokopu ha o nama. • O monate feela oa hlaba torofeee. • Botala ke joang, bofubelu ke ba mali, monate ke oa tsoekere lehapu.
  • 10. Thankha-thankha ke tla tsoalla kae?- mokopu ha o nama U monate feela u oa hlaba -torofeee Botala ke ba joang,bofubelu ke ba mali,monate ke oa tsoekere- lehapu
  • 11. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIHLOLILOENG Selotho Karabo • Phate lia lekana. Leholimo le lefatše • Mala a nku marang-rang. mohloa • Monna eo e reng ha khotše a roalle. noka • Lithung-thung tsa tlapa le leholo. linaleli • Nthethe a bina moholo a lutse. sefate
  • 12. Lithung-thung tsa tlapa le leholo - linaleli Nthethe a bina moholo a lutse - sefate Phate lia lekana –leholimo le lefatše
  • 13. Mala a nku marang-rang-mohloa Monna eo e reng ha a khotše a roalle - noka
  • 14. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIPHOOFOLO Selotho Karabo • ‘Mamonyamane motsoa lehlakeng katse • Lehalima lereli le pota motse namane • Khare ea leifo ntja • ‘Mamosana poeea u tla feta joang banneng? poli ‘mamonyamane motsoa lehlakeng - katse Khara ea leifo - ntja
  • 15. Lehalima lereli le pota motse - namane ‘mamosana poeea u tla feta joang banneng? - poli
  • 16. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LISEBELISOA Selotho Karabo • Senya ka ‘mele motlhotlo • Lipoli tsa makeleketla li fula li bothile sekele • Mosali ea linyao mpeng sesiu • Monna ea sekhoalita hlohong lesokoana • Khomo ea bohali ba ‘mao e selota mpeng. Leloala le tšiloana
  • 17. Lipoli tsa makeleketla li fula li bothile -sekele Khomo ea bohali ba ‘mao e selota mpeng –leloala le tšiloana Mosali ea linyao mpeng - sesiu
  • 18. QETELLO Ke hooa malume ho lona Basotho ke re sekoele.Ha re boeleng setsong sa rona, re etseng lilotho le ba malapa a rona kaha lilotho li thusa bana ho bua puo ea Sesotho ka nepo le ho etsa bana ba bang le boinahano ba kapele.