SlideShare a Scribd company logo
Lesotho College of Education
Re Bona Leseli Leseling La Hao
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone
Ka Papali Monaheng
Boitsebiso
Lebitso:Papali Monaheng
Student number:2018/0590
Moithuti:Lesotho College of Education Thaba-tseka campus
Email address:papali.monaheng@gmail.com
Facebook:https://www.facebook.com/ladypii.monny
Linkedin:https://www.linkedin.com/in/papali-monaheng-
0894161b6
Selelekela
Basotho ba khale ba ne ba itšetlehile ka temo
haholo,‘me lijo tseo ba neng ba li hlahisa joaloka ka
poone,ba ne ba etsa mefuta e mengata ea lijo tsa
Sesotho ka eona.Nna ke tlo bua ka lijo tse latelang
tsa Sesotho tse entsoeng ka poone;
Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka
poone.
• Lipabi
• Qhubu
• Leqoachane
• Sebera
• Lefotho
Ntšetsopele ea lijo tsa Sesotho
tse entsoeng ka poone.
• Khoahla
• Mochahlama
• Papa
• Mpotokoane
• Likhobe tsa poone le linaoa
Lijo tsee li etsoa/apehoa joang?
Lipabi
Ho halikoa poone e ommeng, e folisoe ebe e siloa
leloaleng la Sesotho. Ho tšeloa tsoekere le letsoai
ebe ho siloa hape e le hore li kopane. Hangata e ne
e-ba mofao oa batho ba nkang maeto. Li ne li bile li
fafatsoa ka metsi hore li se qhoele.
Setšoantšo sa tokiso ea lipabi.
Lipabi ha li qeta ho tšeloa ka tsoekere le
letsoai.
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang
Qhubu
Ke poone e seng e tlohile seqong, ea apehoa ebe ea
jeoa. E ba monate haholo ha e tšetsoe ka letsoai
ebile e tlosa bolutu. Batho ba bang ba rata ho e ebola
ha ba bang ba e ja e sa eboloa.
Setšoantšo sa qhubu.
Ntšetsopele ea hore na li etsoa
/apehoa joang.
Leqoachane
Ke poone e halikiloeng e sa ineloa kapa hona
ho apehoa. Ebe e ea jeoa.
Setšoantšo sa leqoachane
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Sebera
E ka ba qhubu e halikiloeng kapa poone e inetsoeng
ka metsi a hloekileng matsatsi a seng makae hore e
thape, ha e thapile hantle metsi ano a nkha bolila. Ea
halikoa, ho tšeloa letsoai ebe hoa jeoa. Hangata e ne
e halikoa mantsiboea ha balisana ba se ba khutlile
Ntšetsopele ea hore na sebera se
etsoa joang.
naheng.Se jelloa ifo se ntse se chesa,e-ba ho tla cha
lekomo ho be monate.
Chebahalo ea Sebera.
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Lefotho
Ke poone ea hoetla e apehiloeng e ntse e le seqong.
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Khoahla
Ke poone e khethoang mariha ha ho kotuloa. E
behelloa ka theko e le hore e tle e apehoe, e
jeoe. Ka nako e nngoe ho be ho etsoe peo ka
eona.
Likhoahla tse apehiloeng
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Mochahlama
Ho lujoa phoofo ea poone ka metsi a belang
empa ha e lubisisoe, ebe hoa koaheloa ka
sebopeho sa ho chesa hlama le hore e
iketsetse tsoekere ea eona.kamor'a nako ea
koaholloa ebe ho tšeloa phoofo ea koro e
Ntšetsopele ea ho apeha
mochahlama.
lekaneng ho tsoaka,letsoai le litomoso tsa motoho
hore ho be bolila bo lekaneng ebe ho lujoa hape hoa
koaheloa.Ha e betse ho nkoa pitsa ea Sesotho e
aletsoa ka likaletsa (lithupa tse tenya,tse
ts’esanyane,joang le mmethe oa phoofo o makhethe
kapa polasetiki) ebe ho tšeloa metsi a lekaneng hoa
Ntšetsopele ea Mochahlama
besoa,ha a bela ho etsoa lipolokoana li behoa
holim’a likaletsa,tsona ha li butsoitse li bitsoa
maqebekoana.Ha ho fubetse ho manamisoa
hlama kahar’a sekoahelo sa pitsa e apehileng e
bitsoa sephaphatha ebe hoa koaheloa hoa
besoa. Ha se butsoitse sea ntšoa ebe sea jeoa
Ntšetsopele ea ho apeha
mochahlama
e le ho utloa mocho.Kamor’a nako e seng kae ho tla
tšoloa.
Setšoantšo sa Mochahlama
Sephaphatha
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Papa
Ho tšeloa metsi a lekaneng ka pitseng ea
Sesotho (e ntšo e maoto a mararo) ebe hoa
besoa, ha a bela ho fahoa ka phoofo ea poone
hoa sokoa ebe ea koaheloa.Ho besoa ho fihlela
e butsoitse ebile e fetoloa ka lesokoana.
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Mpotokoane
Ho apehoa linaoa ebe ha li butsoitse ho tšeloa letsoai
le metsi a lekaneng hore ho tle ho fahoe ka phoofo
ea poone. E se tla apehoa joaloka papa ebe e ntse
fetoloa ka lesokoana hore e se butsoe lehlakore le
leleng.
Setšoantšo sa Mpotokoane
Ntšetsopele ea hore na li
etsoa/apehoa joang.
Likhobe tsa poone le linaoa
Ho apehoa poone hoba e lieha ho butsoa, ebe ha e
butsoitse ho tšeloa linaoa hoa besoa ho fihlela le tsona
li butsoitse. E-ba joale ho tla tšeloa linoko tse
natefisang, ho tšoloe ho nt'ano jeoa.
Setšoantšo sa likhobe tsa poone le linaoa
Likhobe tsa poone le linaoa
Mehloli ea liphuputso
1. Free.facebook.com.(2020).Ithute ho Pheha lijo tsa
Sesotho.[online] Available
at:https://www.facebook.com/103646677734086/p
osts/178422756923144/?app=fbl.[Accessed 20
Aug. 20].
2. Kose,M.(2020).Mefuta ea lijo tsa Sesotho.
Ntšetsopele ea mehloli ea liphuputso.
3. Rantho,M.(2020).Lijo tsa Sesotho tse
entsoeng ka poone.
4. Taft,T.(2012).Lipabi.[online]Available
at:https://snapshotsandsojourns.com/tag/lipabi/.
[Accessed 20 Aug. 20].

More Related Content

What's hot

Melemo ea khomo
Melemo ea khomoMelemo ea khomo
Melemo ea khomo
TebelloThupa
 
Mokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa SesothoMokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa Sesotho
maseabatalitsoane
 
Lipapali tsa basotho
Lipapali tsa basothoLipapali tsa basotho
Lipapali tsa basotho
RethabileTjotjo
 
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le bannaTlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
SelloKhojane1
 
Maele ka khomo
Maele ka khomoMaele ka khomo
Maele ka khomo
mafeeanelemena
 
Joala ba Sesotho
Joala ba SesothoJoala ba Sesotho
Joala ba Sesotho
ThandieRamotaboka
 
Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3
MaisaMathibetsane
 
LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)
LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)
LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)
Mamakula A. Mohale
 
KEMARO KA SESOTHO
KEMARO KA SESOTHOKEMARO KA SESOTHO
KEMARO KA SESOTHO
Ponts'o Moeketsi
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
MalikotsiMokochoa
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
ReatileTaunyanereati
 
Moqoqo
MoqoqoMoqoqo
Lepato la sesotho khale
Lepato la sesotho khaleLepato la sesotho khale
Lepato la sesotho khale
TsoaneloLekoa
 
Lenyalo la sesotho
Lenyalo la sesothoLenyalo la sesotho
Lenyalo la sesotho
Chakatsa M pulane
 
Mohobelo oa seleribe
Mohobelo oa seleribeMohobelo oa seleribe
Mohobelo oa seleribe
RealebohaSenekane
 
SEQOMA
SEQOMASEQOMA
Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho
Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosothoTlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho
Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho
relebohile motumi
 
seboleli
seboleliseboleli
seboleli
lebonajoang
 
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
LeratoMosoeu1
 
Sephafi
SephafiSephafi

What's hot (20)

Melemo ea khomo
Melemo ea khomoMelemo ea khomo
Melemo ea khomo
 
Mokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa SesothoMokhibo oa Sesotho
Mokhibo oa Sesotho
 
Lipapali tsa basotho
Lipapali tsa basothoLipapali tsa basotho
Lipapali tsa basotho
 
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le bannaTlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
Tlhaloso ea lijo tsa bashanyana, bahlankana le banna
 
Maele ka khomo
Maele ka khomoMaele ka khomo
Maele ka khomo
 
Joala ba Sesotho
Joala ba SesothoJoala ba Sesotho
Joala ba Sesotho
 
Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3
 
LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)
LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)
LAPALI TSA SESOTHO (BASOTHO)
 
KEMARO KA SESOTHO
KEMARO KA SESOTHOKEMARO KA SESOTHO
KEMARO KA SESOTHO
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
 
Moqoqo
MoqoqoMoqoqo
Moqoqo
 
Lepato la sesotho khale
Lepato la sesotho khaleLepato la sesotho khale
Lepato la sesotho khale
 
Lenyalo la sesotho
Lenyalo la sesothoLenyalo la sesotho
Lenyalo la sesotho
 
Mohobelo oa seleribe
Mohobelo oa seleribeMohobelo oa seleribe
Mohobelo oa seleribe
 
SEQOMA
SEQOMASEQOMA
SEQOMA
 
Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho
Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosothoTlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho
Tlhaho le kholo ea ngoana oa mosotho
 
seboleli
seboleliseboleli
seboleli
 
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
 
Sephafi
SephafiSephafi
Sephafi
 

Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone.

  • 1. Lesotho College of Education Re Bona Leseli Leseling La Hao Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone Ka Papali Monaheng
  • 2. Boitsebiso Lebitso:Papali Monaheng Student number:2018/0590 Moithuti:Lesotho College of Education Thaba-tseka campus Email address:papali.monaheng@gmail.com Facebook:https://www.facebook.com/ladypii.monny Linkedin:https://www.linkedin.com/in/papali-monaheng- 0894161b6
  • 3. Selelekela Basotho ba khale ba ne ba itšetlehile ka temo haholo,‘me lijo tseo ba neng ba li hlahisa joaloka ka poone,ba ne ba etsa mefuta e mengata ea lijo tsa Sesotho ka eona.Nna ke tlo bua ka lijo tse latelang tsa Sesotho tse entsoeng ka poone;
  • 4. Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone. • Lipabi • Qhubu • Leqoachane • Sebera • Lefotho
  • 5. Ntšetsopele ea lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone. • Khoahla • Mochahlama • Papa • Mpotokoane • Likhobe tsa poone le linaoa
  • 6. Lijo tsee li etsoa/apehoa joang? Lipabi Ho halikoa poone e ommeng, e folisoe ebe e siloa leloaleng la Sesotho. Ho tšeloa tsoekere le letsoai ebe ho siloa hape e le hore li kopane. Hangata e ne e-ba mofao oa batho ba nkang maeto. Li ne li bile li fafatsoa ka metsi hore li se qhoele.
  • 8. Lipabi ha li qeta ho tšeloa ka tsoekere le letsoai.
  • 9. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang Qhubu Ke poone e seng e tlohile seqong, ea apehoa ebe ea jeoa. E ba monate haholo ha e tšetsoe ka letsoai ebile e tlosa bolutu. Batho ba bang ba rata ho e ebola ha ba bang ba e ja e sa eboloa.
  • 11. Ntšetsopele ea hore na li etsoa /apehoa joang. Leqoachane Ke poone e halikiloeng e sa ineloa kapa hona ho apehoa. Ebe e ea jeoa.
  • 13. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Sebera E ka ba qhubu e halikiloeng kapa poone e inetsoeng ka metsi a hloekileng matsatsi a seng makae hore e thape, ha e thapile hantle metsi ano a nkha bolila. Ea halikoa, ho tšeloa letsoai ebe hoa jeoa. Hangata e ne e halikoa mantsiboea ha balisana ba se ba khutlile
  • 14. Ntšetsopele ea hore na sebera se etsoa joang. naheng.Se jelloa ifo se ntse se chesa,e-ba ho tla cha lekomo ho be monate.
  • 16. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Lefotho Ke poone ea hoetla e apehiloeng e ntse e le seqong.
  • 17. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Khoahla Ke poone e khethoang mariha ha ho kotuloa. E behelloa ka theko e le hore e tle e apehoe, e jeoe. Ka nako e nngoe ho be ho etsoe peo ka eona.
  • 19. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Mochahlama Ho lujoa phoofo ea poone ka metsi a belang empa ha e lubisisoe, ebe hoa koaheloa ka sebopeho sa ho chesa hlama le hore e iketsetse tsoekere ea eona.kamor'a nako ea koaholloa ebe ho tšeloa phoofo ea koro e
  • 20. Ntšetsopele ea ho apeha mochahlama. lekaneng ho tsoaka,letsoai le litomoso tsa motoho hore ho be bolila bo lekaneng ebe ho lujoa hape hoa koaheloa.Ha e betse ho nkoa pitsa ea Sesotho e aletsoa ka likaletsa (lithupa tse tenya,tse ts’esanyane,joang le mmethe oa phoofo o makhethe kapa polasetiki) ebe ho tšeloa metsi a lekaneng hoa
  • 21. Ntšetsopele ea Mochahlama besoa,ha a bela ho etsoa lipolokoana li behoa holim’a likaletsa,tsona ha li butsoitse li bitsoa maqebekoana.Ha ho fubetse ho manamisoa hlama kahar’a sekoahelo sa pitsa e apehileng e bitsoa sephaphatha ebe hoa koaheloa hoa besoa. Ha se butsoitse sea ntšoa ebe sea jeoa
  • 22. Ntšetsopele ea ho apeha mochahlama e le ho utloa mocho.Kamor’a nako e seng kae ho tla tšoloa.
  • 25. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Papa Ho tšeloa metsi a lekaneng ka pitseng ea Sesotho (e ntšo e maoto a mararo) ebe hoa besoa, ha a bela ho fahoa ka phoofo ea poone hoa sokoa ebe ea koaheloa.Ho besoa ho fihlela e butsoitse ebile e fetoloa ka lesokoana.
  • 26. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Mpotokoane Ho apehoa linaoa ebe ha li butsoitse ho tšeloa letsoai le metsi a lekaneng hore ho tle ho fahoe ka phoofo ea poone. E se tla apehoa joaloka papa ebe e ntse fetoloa ka lesokoana hore e se butsoe lehlakore le leleng.
  • 28. Ntšetsopele ea hore na li etsoa/apehoa joang. Likhobe tsa poone le linaoa Ho apehoa poone hoba e lieha ho butsoa, ebe ha e butsoitse ho tšeloa linaoa hoa besoa ho fihlela le tsona li butsoitse. E-ba joale ho tla tšeloa linoko tse natefisang, ho tšoloe ho nt'ano jeoa.
  • 29. Setšoantšo sa likhobe tsa poone le linaoa
  • 30. Likhobe tsa poone le linaoa
  • 31. Mehloli ea liphuputso 1. Free.facebook.com.(2020).Ithute ho Pheha lijo tsa Sesotho.[online] Available at:https://www.facebook.com/103646677734086/p osts/178422756923144/?app=fbl.[Accessed 20 Aug. 20]. 2. Kose,M.(2020).Mefuta ea lijo tsa Sesotho.
  • 32. Ntšetsopele ea mehloli ea liphuputso. 3. Rantho,M.(2020).Lijo tsa Sesotho tse entsoeng ka poone. 4. Taft,T.(2012).Lipabi.[online]Available at:https://snapshotsandsojourns.com/tag/lipabi/. [Accessed 20 Aug. 20].