SlideShare a Scribd company logo
 Lebitso laka ke Palesa Jeminah Masopha.
 Ke moithuti sekolong se seholo sa koetliso ea litichere Thaba-Tseka.
 Ke fumaneha mona:Email: palesamasopha@gmail.com
 Facebook: Palesa Masopha.
 Sets’oants’o saka ke se latelang:
LIKHOELI TSA SELEMO KA
SESOTHO
• Phato
• Loetse
• Mphalane
• Pulungoana
• Ts’itoe
• Pherekhong
• Hlakola
• Hlakubele
• ‘Mesa
• Mots’eanong
• Phuptjane
• Phupu
SELELEKELA
Selemo sa Basotho se qaloa ka Phato. Ba ne ba se tsamaisa joalo holima qalo ea ho
lema ha bona, le holima qaleho ea ho hakolisa likhomo tsa bona joang bo botala bo
bocha , esita le ka mofuthumala o seng o qalile le oona.’Me leha e le khoeli ea marole
a mangata, ke moea feela o hlokang serame; serame eba se se se boetse
metsing(leqhoa).
PHATO
Khoeli e qalang selemo sa Basotho ke Phato.
E bitsoa PULULA MALIBA, ka lebaka la marole a mangata a hlahang ka eona.
Khoeli ea ho lema; khomo li qala ho hakola.
LOETSE
Khoeli ea bobeli ke Loetse.E bitsoa, ‘Ra-se-tla-ka-Loetse, se-nts’a-mafi; o bona ha
‘malihlofa a lusa.’Ha ho thoe ke Se-nt’sa-mafi, likhomo li qala ho sisa. Ka Loetse ho
futhumala ho fetisa ka Phato.
MPHALANE
Khoeli ea boraro ke Mphalane. Ho bonoa liphalana tsa leshoma; ka eona ke leroleng le
leholo la ho lema lipoone le mabele. Khoeli ea lebese le lengata ho likhomo. Ke
Ts’oets’oana: ho suptjoa manamane a lits’epe a tsoaloang ka eona khoeli ena.
PULUNGOANA
Khoeli ea bone ke Pulungoana. Ho suptjoa manamane a lipulumo a tsoaloang ka eona
khoeli ena, hammoho le tsona linone. Hape setlonono se qala ho lla ka eona, seo ba bang
ba beng ba re e se e le Ts’itoe.
TSI’ITOE
Khoeli ea bohlano ke Ts’itoe. Bokhabane ba lehlabula bo bonahala hantle ka khoeli ena. Moeti o
tsamaea a hlobotse, a jere kobo lehetleng. Khoeli eo batho ba basoeu ba e balang hore e qetella
selemo seo ba se qalang ka Pherekhong.
PHEREKHONG
Khoeli ea bots’elela ke Pherekhong. Ho thoe ke pelo-kholo. Ke ka eona mokopu o
bonahalang ka khahliso ’me ba pelo li telele ba hle ba lakatse ho o utsoa. Ke ka mokopu ha
ho thoe ke Tala-molebo (litsoala tsa mokopu). Le eona joaloka Ts’itoe; ke khoeli e ntle.
Lijalo li khahlisa mahlo a batho.
HLAKOLA
Khoeli ea bosupa ke Hlakola. Hlakola-molula: mabele a hlohloreha molula, ho hlaha lihlaku
.Lehoetla le leholo. Khoeli ea ho upa, ha linonyana li khathatsa bats’osi ka ho lobela mabele.
Ke e ‘ngoe ea nako tse ntle tsa lehlabula.
HLAKUBELE
Khoeli ea borobeli ke Hlakubele. Litlhaku tsa mabele lia bonahala, li tsoile moluleng;ke
tsona ka topo,li topile, li nonne,li rotohile moluleng, ‘me li khahla mahlo.Haoe ke ka eona
khoeli ena re jang lehoetla la poone le liperekisi.
‘MESA
Khoeli ea borobong ke ‘mesa. Mohatsela o qaleha matsatsing a khoeli ena. Ka
khoeli ena ho thoasa naleli MORANANG; ho ntoo thoasa hape naleli e bitsoang
NAKA (Selemela se setona). Ke ka khoeli ena lijalo li qalang ho bajoa .Eka khale e
ne e le eona khoeli eo bale ba nts’uoang mophatong ka eona. Ke ka nako ena ho
besoang mollo ho besoe poone.
MOTS’EANONG
Khoeli ea leshome ke Motseanong.Ke khoeli ea bobeli ea ho robeha ha ngoaha. Khoeli ea
me-qhoba-ngoetsi le ea likhomo kaofela tse hlabeloang ho etsoa likobo. Motsotso oa nama e
jeoang matsatsi a maleletsana e e-s’o bole. Motsotso oa ho phunya matobo a hlomiloeng ka
Ts’itoe.
PHUPTJANE
Khoeli ea leshome le motso o mong ke Phuptjane. Khoeli ea mahareng a maria,
motsotsong o mobe ho liphoflo le batho. Lifate le majoang ,limela tsohle,ho joale
ka ha li ichoeletse, atheo ha lia shoa, li mpa li lebetse ka leihlo le lesesanyane
motsotso oa tsoho ea tsona. Tse lengoang le tse imeletseng kaofela , ha u li talima,
eka ho felile ‘ng’a ho tsona, li shoele.Hape khoeli ena ke ea ho kotula lijo
masimong.
PHUPU
Khoeli ea leshome le metso e ‘meli ke Phupu. Leha ka mabitso a tsona le Phuptjane ho
boleloa ho fuputsa (emara) ha limela, hase ntho e bonahalang hantle-ntle ho tsona ha e se
naheng e futhumalang. Ke khoeli tsa serame se sengata. Esita le naha ka khoeli tsena ha e na
ponahalo e ntle; esita le ‘mala oa batho o batla o senyeha ka baka la mohatsela.
LETHATHAMO LA MEHLOLI
Litaba tsohle tse tseo ke li ngotseng ka likhoeli tsa selemo ka Sesotho li hlaha bukeng ea
MEKHOA LE MAELE A BASOTHO e ngotsoeng ke AZARIELE SEKESE oa MORIJA LESOTHO.
Lits’oants’o tse hlahang tsona li tsoa GOOGLE CHROME.

More Related Content

What's hot

LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptxLIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LCE
 
MARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHOMARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHO
kabeloMasaoana
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
MalikotsiMokochoa
 
Mpana
MpanaMpana
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
LeratoMosoeu1
 
Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3
MaisaMathibetsane
 
SEFETOLI KA KABELO MASAOANA
SEFETOLI KA KABELO MASAOANASEFETOLI KA KABELO MASAOANA
SEFETOLI KA KABELO MASAOANA
kabeloMasaoana
 
Tšebeliso ea mekhabo-puo
Tšebeliso ea mekhabo-puoTšebeliso ea mekhabo-puo
Tšebeliso ea mekhabo-puo
MaseibokoKama
 
Sephafi
SephafiSephafi
Mefuta ea lifate tsa Sesotho
Mefuta ea lifate tsa SesothoMefuta ea lifate tsa Sesotho
Mefuta ea lifate tsa Sesotho
mantoaMaphotong
 
MABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANI
MABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANIMABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANI
MABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANI
khauheloPaulQhelo
 
Lipapali tsa basotho
Lipapali tsa basothoLipapali tsa basotho
Lipapali tsa basotho
RethabileTjotjo
 
SEFETOLI
SEFETOLISEFETOLI
SEFETOLI
MaryThamae
 
Ts'ebelisano 'moho ea Basotho
Ts'ebelisano 'moho ea BasothoTs'ebelisano 'moho ea Basotho
Ts'ebelisano 'moho ea Basotho
TsepoMohloboli
 
MERIANA EA SESOTHO
MERIANA EA SESOTHOMERIANA EA SESOTHO
MERIANA EA SESOTHO
RelebohileMohlaka
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
ReatileTaunyanereati
 
LILOTHO
LILOTHOLILOTHO
Maele a Sesotho
Maele a SesothoMaele a Sesotho
Maele a Sesotho
ThaboMaliehe
 
Maretlo puo a sesotho
Maretlo puo a sesothoMaretlo puo a sesotho
Maretlo puo a sesotho
LetsapoGodfreyTaolan
 
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANELEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
SeipatiReginaNkhooa
 

What's hot (20)

LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptxLIBOKO TSA BASOTHO.pptx
LIBOKO TSA BASOTHO.pptx
 
MARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHOMARETLO-PUO A SESOTHO
MARETLO-PUO A SESOTHO
 
PAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANAPAPALI EA LESOKOANA
PAPALI EA LESOKOANA
 
Mpana
MpanaMpana
Mpana
 
Seboleli sa boemo
Seboleli sa boemoSeboleli sa boemo
Seboleli sa boemo
 
Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3Papali tsa basotho [morabaraba]3
Papali tsa basotho [morabaraba]3
 
SEFETOLI KA KABELO MASAOANA
SEFETOLI KA KABELO MASAOANASEFETOLI KA KABELO MASAOANA
SEFETOLI KA KABELO MASAOANA
 
Tšebeliso ea mekhabo-puo
Tšebeliso ea mekhabo-puoTšebeliso ea mekhabo-puo
Tšebeliso ea mekhabo-puo
 
Sephafi
SephafiSephafi
Sephafi
 
Mefuta ea lifate tsa Sesotho
Mefuta ea lifate tsa SesothoMefuta ea lifate tsa Sesotho
Mefuta ea lifate tsa Sesotho
 
MABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANI
MABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANIMABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANI
MABITSO A SEBELISOANG HO BAAMANI
 
Lipapali tsa basotho
Lipapali tsa basothoLipapali tsa basotho
Lipapali tsa basotho
 
SEFETOLI
SEFETOLISEFETOLI
SEFETOLI
 
Ts'ebelisano 'moho ea Basotho
Ts'ebelisano 'moho ea BasothoTs'ebelisano 'moho ea Basotho
Ts'ebelisano 'moho ea Basotho
 
MERIANA EA SESOTHO
MERIANA EA SESOTHOMERIANA EA SESOTHO
MERIANA EA SESOTHO
 
maele ka khomo
maele ka khomomaele ka khomo
maele ka khomo
 
LILOTHO
LILOTHOLILOTHO
LILOTHO
 
Maele a Sesotho
Maele a SesothoMaele a Sesotho
Maele a Sesotho
 
Maretlo puo a sesotho
Maretlo puo a sesothoMaretlo puo a sesotho
Maretlo puo a sesotho
 
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANELEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
LEBOLLO LA SESOTHO LA BASHEMANE
 

LIKHOELI TSA SELEMO KA SESOTHO KA PALESA MASOPHA.pptx

  • 1.  Lebitso laka ke Palesa Jeminah Masopha.  Ke moithuti sekolong se seholo sa koetliso ea litichere Thaba-Tseka.  Ke fumaneha mona:Email: palesamasopha@gmail.com  Facebook: Palesa Masopha.  Sets’oants’o saka ke se latelang:
  • 2. LIKHOELI TSA SELEMO KA SESOTHO • Phato • Loetse • Mphalane • Pulungoana • Ts’itoe • Pherekhong • Hlakola • Hlakubele • ‘Mesa • Mots’eanong • Phuptjane • Phupu
  • 3. SELELEKELA Selemo sa Basotho se qaloa ka Phato. Ba ne ba se tsamaisa joalo holima qalo ea ho lema ha bona, le holima qaleho ea ho hakolisa likhomo tsa bona joang bo botala bo bocha , esita le ka mofuthumala o seng o qalile le oona.’Me leha e le khoeli ea marole a mangata, ke moea feela o hlokang serame; serame eba se se se boetse metsing(leqhoa).
  • 4. PHATO Khoeli e qalang selemo sa Basotho ke Phato. E bitsoa PULULA MALIBA, ka lebaka la marole a mangata a hlahang ka eona. Khoeli ea ho lema; khomo li qala ho hakola.
  • 5. LOETSE Khoeli ea bobeli ke Loetse.E bitsoa, ‘Ra-se-tla-ka-Loetse, se-nts’a-mafi; o bona ha ‘malihlofa a lusa.’Ha ho thoe ke Se-nt’sa-mafi, likhomo li qala ho sisa. Ka Loetse ho futhumala ho fetisa ka Phato.
  • 6. MPHALANE Khoeli ea boraro ke Mphalane. Ho bonoa liphalana tsa leshoma; ka eona ke leroleng le leholo la ho lema lipoone le mabele. Khoeli ea lebese le lengata ho likhomo. Ke Ts’oets’oana: ho suptjoa manamane a lits’epe a tsoaloang ka eona khoeli ena.
  • 7. PULUNGOANA Khoeli ea bone ke Pulungoana. Ho suptjoa manamane a lipulumo a tsoaloang ka eona khoeli ena, hammoho le tsona linone. Hape setlonono se qala ho lla ka eona, seo ba bang ba beng ba re e se e le Ts’itoe.
  • 8. TSI’ITOE Khoeli ea bohlano ke Ts’itoe. Bokhabane ba lehlabula bo bonahala hantle ka khoeli ena. Moeti o tsamaea a hlobotse, a jere kobo lehetleng. Khoeli eo batho ba basoeu ba e balang hore e qetella selemo seo ba se qalang ka Pherekhong.
  • 9. PHEREKHONG Khoeli ea bots’elela ke Pherekhong. Ho thoe ke pelo-kholo. Ke ka eona mokopu o bonahalang ka khahliso ’me ba pelo li telele ba hle ba lakatse ho o utsoa. Ke ka mokopu ha ho thoe ke Tala-molebo (litsoala tsa mokopu). Le eona joaloka Ts’itoe; ke khoeli e ntle. Lijalo li khahlisa mahlo a batho.
  • 10. HLAKOLA Khoeli ea bosupa ke Hlakola. Hlakola-molula: mabele a hlohloreha molula, ho hlaha lihlaku .Lehoetla le leholo. Khoeli ea ho upa, ha linonyana li khathatsa bats’osi ka ho lobela mabele. Ke e ‘ngoe ea nako tse ntle tsa lehlabula.
  • 11. HLAKUBELE Khoeli ea borobeli ke Hlakubele. Litlhaku tsa mabele lia bonahala, li tsoile moluleng;ke tsona ka topo,li topile, li nonne,li rotohile moluleng, ‘me li khahla mahlo.Haoe ke ka eona khoeli ena re jang lehoetla la poone le liperekisi.
  • 12. ‘MESA Khoeli ea borobong ke ‘mesa. Mohatsela o qaleha matsatsing a khoeli ena. Ka khoeli ena ho thoasa naleli MORANANG; ho ntoo thoasa hape naleli e bitsoang NAKA (Selemela se setona). Ke ka khoeli ena lijalo li qalang ho bajoa .Eka khale e ne e le eona khoeli eo bale ba nts’uoang mophatong ka eona. Ke ka nako ena ho besoang mollo ho besoe poone.
  • 13. MOTS’EANONG Khoeli ea leshome ke Motseanong.Ke khoeli ea bobeli ea ho robeha ha ngoaha. Khoeli ea me-qhoba-ngoetsi le ea likhomo kaofela tse hlabeloang ho etsoa likobo. Motsotso oa nama e jeoang matsatsi a maleletsana e e-s’o bole. Motsotso oa ho phunya matobo a hlomiloeng ka Ts’itoe.
  • 14. PHUPTJANE Khoeli ea leshome le motso o mong ke Phuptjane. Khoeli ea mahareng a maria, motsotsong o mobe ho liphoflo le batho. Lifate le majoang ,limela tsohle,ho joale ka ha li ichoeletse, atheo ha lia shoa, li mpa li lebetse ka leihlo le lesesanyane motsotso oa tsoho ea tsona. Tse lengoang le tse imeletseng kaofela , ha u li talima, eka ho felile ‘ng’a ho tsona, li shoele.Hape khoeli ena ke ea ho kotula lijo masimong.
  • 15. PHUPU Khoeli ea leshome le metso e ‘meli ke Phupu. Leha ka mabitso a tsona le Phuptjane ho boleloa ho fuputsa (emara) ha limela, hase ntho e bonahalang hantle-ntle ho tsona ha e se naheng e futhumalang. Ke khoeli tsa serame se sengata. Esita le naha ka khoeli tsena ha e na ponahalo e ntle; esita le ‘mala oa batho o batla o senyeha ka baka la mohatsela.
  • 16. LETHATHAMO LA MEHLOLI Litaba tsohle tse tseo ke li ngotseng ka likhoeli tsa selemo ka Sesotho li hlaha bukeng ea MEKHOA LE MAELE A BASOTHO e ngotsoeng ke AZARIELE SEKESE oa MORIJA LESOTHO. Lits’oants’o tse hlahang tsona li tsoa GOOGLE CHROME.