Mefuta e meraro ea mobu ke lehlabathe, letsopa le selokoe. Mobu o mesebetsi e fapaneng, lehlabathe le sebetsa le tsoakiloe le samente le lubiloe ka metsi ho etsa taka e leng seretse se lila matlo le ho phara mabota a matlo ke mobu o seng motle haholo lijalong kaha o lahla mongobo le matsoai kapele, ha selokoe e le mobu o motle haholo lijalong ka ha o boloka mongobo le matsoai nako e lekaneng, re sebelisa selokoe hape ho lila matlo a sesotho mabota a kantle le kahare. letsopa lona re le sebelisa ho bopa linkho, marits'oana le lintho tseo bana ba bapalang ka tsona joaloka likhomo. basotho ba ne ba le sebelisa ho etsa sebetsa se thusang ho ts'osa linonyana masimong eleng tsoebila ke mobu o seng motle ho hang lijalo kaha o boloka metsi nako e telele ha se mobu o bolokang matsoai a hlokoang ke lijalo. Mobu ha o jeoe o kotsi hoba oa siba batho ba nang le takatso ea ho ja mobu ke baeletsa ho bona ngaka.
3. SELELEKELA
Mobu ke sehloliloeng se phoofo, se lometsang hape se
lehlohlojane. Mobu o fumaneha tikolohong eohle moo
o sa tlosoang. Mobu o mefuta e meraro, ke lehlabathe,
letsopa le selokoe.
4. Mefuta e meraro ea mobu
Mefuta e meraro ea mobu ke lehlabathe, letsopa le selokoe
Lehlabathe Letsopa Selokoe
Litsͮoantsͮo ka: Tebello Mahlomola
5. Tlhaloso ea Lehlabathe
Lehlabathe ke mofuta oa mobu o fumanehang nokeng le leoatleng. Ke mobu o lahlang metsi,
mongobo le matsaoi ha bobebe.
Lehlabathe ke mofuta oa mobu o mefuta e ‘meli, eona ke lehlabathe le khorofo(le tsͮoanang le
letsoai le lithollo) le lehlabathe le bobebe kapa le lesesane (le tsͮoanang le tsoekere ka bosesane.)
Lehlabathe le khorofo Lehlabathe le bobebe
Litsͮoantsͮo ka Tebello Mahlomola
6. Mosebetsi oa Lehlabathe
Mosebetsi oa lehlabathe ke ho lila le ho tsͮela ntlo fatsͮe. Lehlabathe le sebelisoa le kopantsoe le
metsi le samente e leng tse hlokang ho sebelisoa ka nako eo ho etsa seretse (taka) se tiisang kapa
se kopanyang litene kapa majoe a hahang ntlo.
Seretse (taka) mohaho
Litsͮoantsͮo ka: Tebello Mahlomola
7. Mosebetsi oa lehlabathe o tsoelapele
Ho foroma setene
Lehlabathe le kapantsoe le metsi, samente le majoe a masesane ho etsa seretse (taka) se
tsͮeloang ka foromong, motho o tiisa seretse seo litsͮepe tsa foromo e le hore seretse seo se ipope
se etse setene.
Seretse(taka) Foromo, taka le setene
Litsͮoantsͮo ka :Tebello Mahlomola
8. Tlhaloso ea letsopa
Letsopa ke mofuta oa mobu o mosesane-sesane, ke mobu o liehang ho monya metsi hape o lahla
matsoai kapele. Ke mobu o sebetsang o lubiloe ka metsi. Ha o kapone le metsi oa ipopa, oa thella
ha o hata hape ke mobu o senang majoe. O fumaneha mangopeng le masimong a mang.
Letsopa le ommeng Letsopa le metsi
Litsͮoantsͮo ka: 123rf.com
9. Mosebetsi oa letsopa
Ho bopa:
Letsopa ha le lubehile hantle, batho ba bopa lintho tse khabisang, linkho le lintho tse bapalang
tsa bana. Basotho ba etsa sebetsa (tsoibila) se tsͮosang linonyana masimong a mabele.
Leritsͮoana Likhomo tsa letsopa
Litsͮoantsͮo ka: Shelby Country Council
10. Tlhaloso ea selokoe
Selokoe ke mobu o se nang majoe, ke mobu o seng motenya o seng mosesane, ke mobu o
bohareng. Ke mobu o bolokang mongobo nako e lekaneng ( o lieha ho lahla mongobo) o boloka
matsoai nako e telele. O fumaneha ho a mang a masimo le mohlakeng.
Mobu oa selokoe
Litsͮoantsͮo ka Tebello Mahlomola
11. Mosebetsi oa selokoe
Ho lila
Basotho ba sebelisa mobu ona o kopantsoe le metsi le bolokoe ba likhomo oa lujoa
ho etsoa seretse se sebelisoang ho lila mabota a matlo a Sesotho kantle ka hare
maboteng le fatsͮͮe.
Seretse sa selokoe Mokhoa oa ho lila
Litsͮoantsͮo ka: Elloang Basotho Weavers
12. Se setle temong
lijalong
Mobu ona o sebelisoa hape lijalong, o etsa Lijalo tse matlafetseng tse manoni kaha
matsoai a ona a lekaneng ebile ha mobu ona o boloka le mongobo o nako e lekang
molemong oa Lijalo.
Lijalo tse hlahileng mobung oa selokoe
Litsͮoantsͮo ka: Tebello Mahlomola
13. Qetello
Joalokaha re etse hloko bohlokoa ba mobu, boipiletso ke hore sechaba se
hlokomele mobu. Mobu o sebelisoe hantle ka ho lekana, mobu haeba ke o
chekuoang ho lila o seke oa chekoa nqa le ΄ngoe ka nako eohle ho qoba ho ba
leqemeng la sehloliloeng se mobu.
14. Mehloli ea lipatlisiso
1. Boughton.(2020).Soil Types-Boughton [Online] Available at
https://www.boughton.co.uk/products/topsoils/soil-types/ [Accessed on 19 August 2020]
2. Needleman, B.A.(2013).What Are Soils? Nature Education Knowledge 4(3):2. [Online] Available
at https://www.nature.com/scitable/knowledge/library/what-are-soils-67647639/
[Accessed on 16th Sep 2020]
3. Shelby Country Arts Council.org.(2017).Pottery images.Columbiana,AL,35051, [online]
Available at https://www.shelbycountryartscouncil.com/wp-
content/uploads/2017/09/pottery1.jpg [Accessed on 15th Oct 2020]
4. 123RF Contributors Limited.com.(2005-2020).Red clay soil on nature [Online] Available at
https://www.123rf.com/photo_94068170_red-clay-soil-on-nature-as-a-background-.html
[Accessed on 19th Aug 2020]