3. SELELEKELA:
Temo ke moo lihoai li itlhahisetsa lijo teng, ka mokhoa oa ho
lema lijalo,Ka ho fapana ,’me lihoai li nke boikarabello bo
feletseng ho bona hore lijalo li hola ka nepo.
4. TLHOKOMELO EA LIJALO:
Ke mekhoa eo lihoai li e sebelisang e le ho matlafatsa lijalo hore li hole hantle.
Mekhoa ea ho hlokomela lijalo
Ho noesetsa
Ho hlaola
Tšebeliso ea manyolo
Ho koahela
Ho arola
Ho fatela
5. MEKHOA EE KE EFE?
1.HO NOESETSA :Ke phepelo ea metsi mobung kapa
lijalong,ho thusa kholo ea lijalo.
Setšoantšo ka SMART WATER
MANAGEMENT PIA7FORM
6. MELEMO EA HO NOESETSA:
Ho holisa lijalo.
Ho fana ka mosebetsi ,ka hore temo ha e lumetse ,lijalo li
hlahile ka bongata ,batho ba bangata ba fumana mosebetsi oa
tšella .
7. 2.HO HLAOLA:
Ke ho tlosa limela tse
hlahileng moo ho
lenngoeng lijalo,limela
tseo li bitsoa lehola.
Setšoantšo ka Somali
Agriculture Technical
Group
8. MELEMO EA HO HLAOLA:
Ho sitisa lehola ho hlolisana ka metsi,matsoai le ka khanya
ea letsatsi le lijalo.
Ho etsa sebaka se lekaneng sa ho Kenya moea lijalong .
9. 3.TŠEBELISO EA MANYOLO:
Ke ho hasanya kapa ho fafatsa manyolo tšimong kapa ho tšela manyolo
pela mothapo ea sejalo,e le ho eketsa matsoai mobung ,hore lijalo li hole
ka tsela e matlafetseng.
Setšoantšo ka Jeanne Grunert
10. MELEMO EATšEBELISO EA MANYOLO:
E eketsa chai le ho ntlafatsa mobu o boleng bo tlase .
E thusa lijalo ho matlafala le ho hola kapele.
11. 4.HO KOAHELA:
Ke moo sehoai se sebelisang joang bo omileng kapa bo bo tala ho
koahela mobu li pakeng tsa lijalo e le ho boloka mongobo
mobung.
Setšoantšo ka Peter Cundall
12. MELEMOMEA HO KOAHELA:
Ho thusa ka ho eketsa matsoai mobung .
Ho thusa ka ho boloka mongobo mobung .
Ho thibela kholeho ea mobu.
13. 5.HO AROLA:
Ke ho tsomula lijalo tse itseng ka har’a tse ling ,e le ho fana
sebaka se lekaneng hore lijalo li fumane khanya e lekaneng ea
letsatsi, e le ho fokotsa tlholisano ea metsi le
matsoai.
Setšoantšo ka Alex freedman
14. MELEMO EA HO AROLA:
Ho fokatsa tlholisano ea metsi,matsoai le khanya ea letsatsi.
Ho etsa sebaka se seholo ho lekana sa ho Kenya moea
lijalong.
15. 6.HO FATELA:
◦Ke ho tšitinya mobu pele methapo ea lijalo, kapa ho bokella
mobu pela sejalo, e le ho thibela kholo ea lehola le ho eketsa
menyetla ea metsi hore a monyele mobung.
Setšoantšo ka BBC Gardener
World Magazine
16. MELEMO EA FATELA:
Ho fokotsa kholo ea lehola pela lijalo.
Ho eketsa menyetla ea metsi ho monyela mobung.
17. 7.HO HLOMOLLA:
Ke ho tlosa sethopo se metseng ka botlalo, e le ho se hloma hape
sebakeng se seng ,moo se tla holela teng ho fihlela nako ea kutulo.
Setšoantšo ka Gilmour .com
18. MELEMO EA HO HLOMOLLA:
Ho thusa methapo ea lijalo ho kenella mobung,e le ho hola ka
nepo.
Ho thusa sehoai ho khetha sethopo se phetseng hantle.
19. QETELLO:
Re ithutile hore ho molemo hore sehoai ka seng kapa ka
lihlopha li nke boikarabello bo feletseng ba ho hlokomela
lijolo, hobane rea hlokomela hore mekhoa ea tlhokomelo ea
lijalo bongata ba eona bo thusa lijalo ho hola kapele hape li
thusa le ka ho eketsa chai.
20. Mehloli ea lipatlisiso
1.Alex, f.(2013).THIN OUT SEEDLINGS.[image] Available at:
https://images.app.goo.gl/9sJb27pb6THbLFn7 [Accessed 15th Sep 2020]
2.BBC Gardener's World Magazine.(2019). How to earth up potatoes. [image] Available at:
https://images.app.goo.gl/190inPFIwXYDlx7f9 [Accessed 16th Sep 2020]
3Jeanne, G. Master, G. Sally, P.(2006).Composition of Organic Fertilizers.[image] Available at:
https://images.app.go.gl/lqHFmxdmaEG9YSw6 [10th Sep 2020]
4.Piter ,C.(2017).Mulching tips to protect your plants.[image] Available at: https://images.app.goo.gl/G9WtKQjrs25FruS [10th Sep
2020]
5.Gilmour.com.(2012).Transplanting vegetables.[image]Available at: https://www.images.app.goo.gl/mKLDMruL23e6xxQ9 [01
September 2020]
6.SMART WATER MANAGEMENT PIATFORM.(2017).[image] Available at: https://www.swamp-project.org/about/ [20th Sep
2020]
7.Owen.G.H. 1984.O-level. Agriculture for Central Africa.Zimbabwe:Harlow Longma,pp.70 -103.
8.Zoe, S.2019.[online]crop management: https://www.finegardening.com/article/fertilizing-basics[15 July 2020]