2. LILOTHO TSA SESOTHO
SELELEKELA
Basotho ke batho ba atlehang ho nahana ka pele hore na ba ka etsang ho itlosa
bolutu le hona ho thibela bana ho kena linthong tse ka bang kotsi ho bana ba
bona e ka sitana le malapa a bona ka ho etsa lilotho.Basotho ba qapile lilotho e
le ho chorisa puo ea Sesotho.
3. TLHALOSO EA LILOTHO
Ho ea ka Ngcangca (1990:59) lilotho ke lipapiso tse tsoapetseng , tseo
tharollo ea tsona e leng e nepahetseng, e bile e amoheleha ho ea ka
bochaba le bolulo ba batho bao ba bapalang papali ea lilotho.
4. LILOTHO LI BAPALOA KE BO-MANG? NENG?
Lilotho li bapaloa ke litho tsohle tsa lelapa. Ke moo ba baholo ba rutang
bana tikoloho le boinahano ba ka pele. Lilotho li bapaloa mantsiboea
ha ho lutsoe ‘me mesebetsi eohle ea lelapa e felile ho oriloe mollo.
5. MELEMO EA LILOTHO
• Li thusa libapali ho tseba ho khabisa puo.
• Li thusa libapali ho beha litaba ka tlhatlhamano, ka tatellano e hlokehang.
• Li ruta libapali tikoloho eo li phelang ho eona ka ho bapala.
• Li tlisa boinahano bo potlakileng.
• Li thusa libapali ho ba kelello e chatsi e sa lebaleng, e bolokang litaba tse
ngata ka ha sebapali se lokela ho tseba lilotho tse ngata hore se se hloloe.
• Li tlosa bolutu.
• Li thusa libapali ho ba seli le ho ela hloka lintho tse ba potileng, kaha li etsoa
ka limela, liphoofolo, litho tsa ‘mele tsa batho le lisebelisoa tsohle.
6. MOKHOA OA HO LOTHA
Ho lothana batho ba babeli kapa lihlopha tse peli e mong ke ea lothang e mong
ke ea fanang ka karabo ea selotho.
Mohlala; ea lothang ;ka o lotha.
Moarabeli ; kang?
Ea lothang;majoana mabeli mabetsa hole.
Moarabeli ; mahlo
Ha moarabeli a sa tsebe o tlare ka sereka.
Ea neng a lotha pele o sa fetoha moarabeli.
Papali e tsoela-pele joalo.
7. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LITHO TSA ‘MELE
Selitho Karabo
•‘M’e ntšoare ke nye nko
•Masimo a mothating lintši
•Phutse le hara thota mokhubu
•Mohlankana ea lulang lehaheng leleme
8. ‘m’e ntšoare ke nye - nko
Mohlankana ea lulang lehaheng -
leleme
Masimo a mothating - lintši
9. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIJO
Selotho Karabo
• Ka qhala phoofo ka ja mokotla moholu.
• Maqheku a qabana ka kehaheng likhobe.
• Thankha-thankha ketla tsoalla kae? mokopu ha o nama.
• O monate feela oa hlaba torofeee.
• Botala ke joang, bofubelu ke ba mali, monate ke oa tsoekere lehapu.
10. Thankha-thankha ke tla tsoalla kae?-
mokopu ha o nama
U monate feela u oa hlaba -torofeee
Botala ke ba joang,bofubelu ke ba
mali,monate ke oa tsoekere-
lehapu
11. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIHLOLILOENG
Selotho Karabo
• Phate lia lekana. Leholimo le lefatše
• Mala a nku marang-rang. mohloa
• Monna eo e reng ha khotše a roalle. noka
• Lithung-thung tsa tlapa le leholo. linaleli
• Nthethe a bina moholo a lutse. sefate
12. Lithung-thung tsa tlapa le leholo -
linaleli
Nthethe a bina moholo a lutse -
sefate
Phate lia lekana –leholimo le
lefatše
13. Mala a nku marang-rang-mohloa Monna eo e reng ha a khotše a roalle - noka
14. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LIPHOOFOLO
Selotho Karabo
• ‘Mamonyamane motsoa lehlakeng katse
• Lehalima lereli le pota motse namane
• Khare ea leifo ntja
• ‘Mamosana poeea u tla feta joang banneng? poli
‘mamonyamane motsoa lehlakeng -
katse
Khara ea leifo - ntja
15. Lehalima lereli le pota motse - namane
‘mamosana poeea u tla feta joang banneng?
- poli
16. LILOTHO TSE QAPILOENG KA LISEBELISOA
Selotho Karabo
• Senya ka ‘mele motlhotlo
• Lipoli tsa makeleketla li fula li bothile sekele
• Mosali ea linyao mpeng sesiu
• Monna ea sekhoalita hlohong lesokoana
• Khomo ea bohali ba ‘mao e selota mpeng. Leloala le tšiloana
17. Lipoli tsa makeleketla li fula li
bothile -sekele
Khomo ea bohali ba ‘mao e
selota mpeng –leloala le tšiloana
Mosali ea linyao mpeng - sesiu
18. QETELLO
Ke hooa malume ho lona Basotho ke re sekoele.Ha re boeleng setsong
sa rona, re etseng lilotho le ba malapa a rona kaha lilotho li thusa bana
ho bua puo ea Sesotho ka nepo le ho etsa bana ba bang le boinahano
ba kapele.