SlideShare a Scribd company logo
Lesotho College of Education
Re Bona Leseli Leseling La Hao
HIV/AIDS [Koatsi-ea-Bosolla-Tlhapi]
ka ‘Malehloa Violet Thahane
BOITSEBISO
LEBITSO: ‘Malehloa Violet
FANE : Thahane
SEKOLO : Lesotho College of Education Thaba-tseka
BOEMO : Diploma In Education Primary year 3
EMAIL : malehloathahane22@gmail.com
FACEBOOK : https://www.facebook.com/malehloaviolet.thahane
Slideshare : https://www.slideshare.net/MalehloaVioletThahan
Linkedin : https://www.linkedin.com/in/malehloa-violet-thahane-
0249101b9
SELELEKELA
•Phuputso ena e tlo bua ka kokoana-hloko ea HIV/AIDS e leng le leng
la mafu a likobo.
•HIV ke kokoana-hloko e nyenyane haholo ha e bonoe ka mahlo,
empa e bonahala ka mechine e khethehileng ea tsa mahlale.
•HIV e kena ‘meleng oa motho, ‘me e loantsa le ho thefula sesole sa
‘mele, ebe se hloloa
ho itoanela mafung le mahloko a tloaelehileng.
• AIDS ke mokhahlelo oa ho qetela oa HIV moo ‘mele o seng o
hloloa ho itoanella khahlanong le mafu, ‘me mafu a se a nka
monyetla a ikenela feela.
Ntšetso pele
•HIV/AIDS Basotho ba e file mabitso a mangata haholo ao boholo ba
‘ona a seng a sa sebelisoe kaha a se a sa amohelehe,ka hona ke tla ne
ke e bitse HIV/AIDS.
• HIV e feta ka maro a ‘mele a latelang: lero la bosali / botona
mali
lebese la ‘ma ho ea leseeng
Mekhoa eo HIV e ka tšoaetsanang ka eona
1. Ho kopanela lintho tse sebelisoang tse hlabang joaloka nalete,
lehare le thipa e neng e qeta ho seha motho a nang le kokoana
hloko ena.
2. Ka mali haeba motho a nang le eona a ka thusoa ke e mong ea
nang le leqeba a sa itšireletsa ka liatlana tsa rekere kapa nakong ea
kotsi.
3. Ho tloha ho ‘ma ho ea ho lesea nakong ea bokhachane kapa ea
pelehi le nakong ea kanyeso.
4.E ka boela ea feta nakong ea thobalano e sa tšireletsehang.
Batho ba kotsing ea ho fumana kokoana-hloko ena
ea HIV
•Batho ba nang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata.
•Banyalani ba sa tšepahallaneng.
•Batho ba taoang haholo.
•Batho ba phelang hole le balekane ba bona.
•Manyalo a sethepu le batho ba etsang thobalano e sa tšireletsehang.
•Batho ba nang le mafu a likobo ‘me ba sa fumane kalofo ea ‘ona.
•Batho ba hoebang ka ‘mele ea bona.
•Motho ea hlekefetsoang ka motabo(peto) .
Mekhoa eo motho a ka etsang hore a tsebe boemo
ba hae.
1. Motho o hlajoa monoaneng e be ho nkuoa mali a hae ho etsoa
tlhahlobo ea kokoana-hloko ena. Sephetho se tsoa hang-hang.
2. Motho a ka itlhahloba a le hae ‘me a sebelisa lero le ka
hanong(mareneneng). Sephetho se tsoa kamora metsotso e mashome a
mabeli.
3.Ke moo a khuoang mali sephakeng, a isoa sebakeng seo a ilo
hlahlojoa ‘me sephetho se nka nako hore mong’a sona a se tsebe.
HIV ha e se e le teng e alafuoa joang?
•) Ho fihlela hona joale ha ho na pheko, empa e thethefatsoa ka
setlhare se bitsoang ARV(Anti Ritroval Virus).
Seo motho a lokelang ho se etsa ha a se a sebelisa
litlhare tsa li ARV
•O lokela ho tšepahalla nako eo a e boleletsoeng ke mooki ea ho noa
litlhare.
•O lokela ho ntlafatsa phepo ka ho ja mefuta e meraro ea lijo, e leng
limatlafatsi, lithibela mafu le lihaha ‘mele.
•O lokela ho theola mokhoa oo a noang lino tai ka ona.
•O lokela ho koetlisa ‘mele kamehla.
Re ka qhoba tšoaetso bocha joang
Ka ho etela setsing sa bophelo ho fumantsoa pilisi ea PrEP eo motho
a e fuoang matsatsi a mashome a mabeli a metso e robeli (28) pele a
ba tlokotsing ea ho tšoaetsoa.
Setšoantšo ka: medlineplus.gov
Ntšentso pele
Setsing sa bophelo ho fumanoa pilisi ea PEP. Eona e fumanoa nakong
ea lihora tse mashome a supileng a metso e ‘meli kamor’a ho ba
kotsing ea ho tšoaetsoa ke kokoana hloko ea HIV/AIDS.
Setšoantšo ka : lusakastar.com
Tšehetso eo re ka e fang batho ba phelang le
tšoaetso ea HIV
•Re lokela ho ba khothaletsa ho ea setsing sa kokelo khafetsa ho ea ka
litaelo tsa ngaka
•Re ka boela ra ba khothaletsa ho itemela lijo thollo le meroho ekasita
le tsona litholoana e le ho qoba ho reka ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe
Ho liella likhala
Batho bohle ba lokela ho tseba boemo ba bona ba HIV/AIDS ba sa
phela hantle, ba se ee ngakeng ha se ba kula haholo fela ho qoba ho
aha serobe e phiri e se e jele.
Ho tseba boemo ba motho esale nako ho thusa motho hore a phele
hantle nako e telele le hona ho fumana malebela a ho e qoba e e-so be
teng kaha boipaballo bo molemo ho feta setlhare. Hape ho thusa ho
sireletsa ba bang hore ba se tšoaetsoe.
Haeba se le le teng e thusa motho hore a se fumane tšoaetso pheto
kapa hona ho tšoaetsa ba bang.
Mehloli ea liphuputso
1. HIV.gov.(2020).What Are HIV and AIDS?.(online).Available at :
https://www.hiv.gov/hiv-basis/overview/about-hiv-and-aids/what-
are-hiv-and-aids [Accessed on 29 July 2020]
2. Mayo Clinic Minutes.(2019).HIV/AIDS.(online).Available at :
https://www.mayoclinic.org/diseases-conditions/hiv-aids/symptoms-
causes/syc-20373524 [Accessed on 17 August 2020]
3. Medlineplus.gov.(2019).HIV: PrEP and PEP.(online).Available at :
https://medlineplus.gov/hivprepandpep.html [Accessed on 17 August
2020]
4. Pietrangelo, A.(2020).Guide to HIV and AIDS.(online).Available at
: https://www.healthline.com/health/hiv-aids [Accessed 12 Sept. 2020]

More Related Content

What's hot

AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...
AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...
AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...
RanjellAllainBayonaT
 
Lg g10 quarter ii module iii on template
Lg g10 quarter ii module iii on template Lg g10 quarter ii module iii on template
Lg g10 quarter ii module iii on template
Jesecca Bacsa
 
Mga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking Komunidad
Mga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking KomunidadMga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking Komunidad
Mga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking Komunidad
JessaMarieVeloria1
 

What's hot (20)

Lm health grade10_q1
Lm health grade10_q1Lm health grade10_q1
Lm health grade10_q1
 
Mito at gamit ng pandiwa
Mito at gamit ng pandiwaMito at gamit ng pandiwa
Mito at gamit ng pandiwa
 
Noli me tangere kabanata 32
Noli me tangere kabanata 32Noli me tangere kabanata 32
Noli me tangere kabanata 32
 
Modyul 5 pagsulat ng liham pangangalakal na nag-aaplay sa t
Modyul 5 pagsulat ng liham  pangangalakal na nag-aaplay sa tModyul 5 pagsulat ng liham  pangangalakal na nag-aaplay sa t
Modyul 5 pagsulat ng liham pangangalakal na nag-aaplay sa t
 
GRADE 10 SCI MODULE UNIT 2
GRADE 10 SCI MODULE UNIT 2GRADE 10 SCI MODULE UNIT 2
GRADE 10 SCI MODULE UNIT 2
 
Action Plan Filipino.docx
Action Plan Filipino.docxAction Plan Filipino.docx
Action Plan Filipino.docx
 
SDO-Iloilo-BE-LCRP.pptx
SDO-Iloilo-BE-LCRP.pptxSDO-Iloilo-BE-LCRP.pptx
SDO-Iloilo-BE-LCRP.pptx
 
Presentation1
Presentation1Presentation1
Presentation1
 
AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...
AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...
AP 5 PPT Q3 W3 - Impluwensya ng Kulturang Espanyol sa Wika at Panitikan ng Ku...
 
Talahanayan ng Espisipekasyon sa Filipino 7(Ikaapat na Markahan)
Talahanayan ng Espisipekasyon sa Filipino 7(Ikaapat na Markahan)Talahanayan ng Espisipekasyon sa Filipino 7(Ikaapat na Markahan)
Talahanayan ng Espisipekasyon sa Filipino 7(Ikaapat na Markahan)
 
Aralin 1.1: Cupid at Psyche
Aralin 1.1: Cupid at PsycheAralin 1.1: Cupid at Psyche
Aralin 1.1: Cupid at Psyche
 
Disenyo ng pananaliksik.pptx
Disenyo ng pananaliksik.pptxDisenyo ng pananaliksik.pptx
Disenyo ng pananaliksik.pptx
 
Lg g10 quarter ii module iii on template
Lg g10 quarter ii module iii on template Lg g10 quarter ii module iii on template
Lg g10 quarter ii module iii on template
 
AP 7 Lesson no. 23-K: Kababaihan sa Saudi Arabia
AP 7 Lesson no. 23-K: Kababaihan sa Saudi ArabiaAP 7 Lesson no. 23-K: Kababaihan sa Saudi Arabia
AP 7 Lesson no. 23-K: Kababaihan sa Saudi Arabia
 
AP5KPK-IIIc-3-1.docx
AP5KPK-IIIc-3-1.docxAP5KPK-IIIc-3-1.docx
AP5KPK-IIIc-3-1.docx
 
Mga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking Komunidad
Mga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking KomunidadMga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking Komunidad
Mga Suliranin sa Kapaligiran ng Aking Komunidad
 
Activity Completion Report [ACR] Buwan ng Wika 2017
Activity Completion Report [ACR] Buwan ng Wika 2017 Activity Completion Report [ACR] Buwan ng Wika 2017
Activity Completion Report [ACR] Buwan ng Wika 2017
 
ESTRATEHIYA NG PAGTUTURO.pptx
ESTRATEHIYA NG PAGTUTURO.pptxESTRATEHIYA NG PAGTUTURO.pptx
ESTRATEHIYA NG PAGTUTURO.pptx
 
LAC Session Letter of Approval
LAC Session Letter of ApprovalLAC Session Letter of Approval
LAC Session Letter of Approval
 
Ap10 modyul2 mga isyung pangekonomiya_aralin1 and 2
Ap10 modyul2 mga isyung pangekonomiya_aralin1 and 2Ap10 modyul2 mga isyung pangekonomiya_aralin1 and 2
Ap10 modyul2 mga isyung pangekonomiya_aralin1 and 2
 

HIV/AIDS[ Koatsi-ea-bosolla-tlhapi]

  • 1. Lesotho College of Education Re Bona Leseli Leseling La Hao HIV/AIDS [Koatsi-ea-Bosolla-Tlhapi] ka ‘Malehloa Violet Thahane
  • 2. BOITSEBISO LEBITSO: ‘Malehloa Violet FANE : Thahane SEKOLO : Lesotho College of Education Thaba-tseka BOEMO : Diploma In Education Primary year 3 EMAIL : malehloathahane22@gmail.com FACEBOOK : https://www.facebook.com/malehloaviolet.thahane Slideshare : https://www.slideshare.net/MalehloaVioletThahan Linkedin : https://www.linkedin.com/in/malehloa-violet-thahane- 0249101b9
  • 3. SELELEKELA •Phuputso ena e tlo bua ka kokoana-hloko ea HIV/AIDS e leng le leng la mafu a likobo. •HIV ke kokoana-hloko e nyenyane haholo ha e bonoe ka mahlo, empa e bonahala ka mechine e khethehileng ea tsa mahlale. •HIV e kena ‘meleng oa motho, ‘me e loantsa le ho thefula sesole sa ‘mele, ebe se hloloa ho itoanela mafung le mahloko a tloaelehileng. • AIDS ke mokhahlelo oa ho qetela oa HIV moo ‘mele o seng o hloloa ho itoanella khahlanong le mafu, ‘me mafu a se a nka monyetla a ikenela feela.
  • 4. Ntšetso pele •HIV/AIDS Basotho ba e file mabitso a mangata haholo ao boholo ba ‘ona a seng a sa sebelisoe kaha a se a sa amohelehe,ka hona ke tla ne ke e bitse HIV/AIDS. • HIV e feta ka maro a ‘mele a latelang: lero la bosali / botona mali lebese la ‘ma ho ea leseeng
  • 5. Mekhoa eo HIV e ka tšoaetsanang ka eona 1. Ho kopanela lintho tse sebelisoang tse hlabang joaloka nalete, lehare le thipa e neng e qeta ho seha motho a nang le kokoana hloko ena. 2. Ka mali haeba motho a nang le eona a ka thusoa ke e mong ea nang le leqeba a sa itšireletsa ka liatlana tsa rekere kapa nakong ea kotsi. 3. Ho tloha ho ‘ma ho ea ho lesea nakong ea bokhachane kapa ea pelehi le nakong ea kanyeso. 4.E ka boela ea feta nakong ea thobalano e sa tšireletsehang.
  • 6. Batho ba kotsing ea ho fumana kokoana-hloko ena ea HIV •Batho ba nang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata. •Banyalani ba sa tšepahallaneng. •Batho ba taoang haholo. •Batho ba phelang hole le balekane ba bona. •Manyalo a sethepu le batho ba etsang thobalano e sa tšireletsehang. •Batho ba nang le mafu a likobo ‘me ba sa fumane kalofo ea ‘ona. •Batho ba hoebang ka ‘mele ea bona. •Motho ea hlekefetsoang ka motabo(peto) .
  • 7. Mekhoa eo motho a ka etsang hore a tsebe boemo ba hae. 1. Motho o hlajoa monoaneng e be ho nkuoa mali a hae ho etsoa tlhahlobo ea kokoana-hloko ena. Sephetho se tsoa hang-hang. 2. Motho a ka itlhahloba a le hae ‘me a sebelisa lero le ka hanong(mareneneng). Sephetho se tsoa kamora metsotso e mashome a mabeli. 3.Ke moo a khuoang mali sephakeng, a isoa sebakeng seo a ilo hlahlojoa ‘me sephetho se nka nako hore mong’a sona a se tsebe.
  • 8. HIV ha e se e le teng e alafuoa joang? •) Ho fihlela hona joale ha ho na pheko, empa e thethefatsoa ka setlhare se bitsoang ARV(Anti Ritroval Virus).
  • 9. Seo motho a lokelang ho se etsa ha a se a sebelisa litlhare tsa li ARV •O lokela ho tšepahalla nako eo a e boleletsoeng ke mooki ea ho noa litlhare. •O lokela ho ntlafatsa phepo ka ho ja mefuta e meraro ea lijo, e leng limatlafatsi, lithibela mafu le lihaha ‘mele. •O lokela ho theola mokhoa oo a noang lino tai ka ona. •O lokela ho koetlisa ‘mele kamehla.
  • 10. Re ka qhoba tšoaetso bocha joang Ka ho etela setsing sa bophelo ho fumantsoa pilisi ea PrEP eo motho a e fuoang matsatsi a mashome a mabeli a metso e robeli (28) pele a ba tlokotsing ea ho tšoaetsoa. Setšoantšo ka: medlineplus.gov
  • 11. Ntšentso pele Setsing sa bophelo ho fumanoa pilisi ea PEP. Eona e fumanoa nakong ea lihora tse mashome a supileng a metso e ‘meli kamor’a ho ba kotsing ea ho tšoaetsoa ke kokoana hloko ea HIV/AIDS. Setšoantšo ka : lusakastar.com
  • 12. Tšehetso eo re ka e fang batho ba phelang le tšoaetso ea HIV •Re lokela ho ba khothaletsa ho ea setsing sa kokelo khafetsa ho ea ka litaelo tsa ngaka •Re ka boela ra ba khothaletsa ho itemela lijo thollo le meroho ekasita le tsona litholoana e le ho qoba ho reka ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe
  • 13. Ho liella likhala Batho bohle ba lokela ho tseba boemo ba bona ba HIV/AIDS ba sa phela hantle, ba se ee ngakeng ha se ba kula haholo fela ho qoba ho aha serobe e phiri e se e jele. Ho tseba boemo ba motho esale nako ho thusa motho hore a phele hantle nako e telele le hona ho fumana malebela a ho e qoba e e-so be teng kaha boipaballo bo molemo ho feta setlhare. Hape ho thusa ho sireletsa ba bang hore ba se tšoaetsoe. Haeba se le le teng e thusa motho hore a se fumane tšoaetso pheto kapa hona ho tšoaetsa ba bang.
  • 14. Mehloli ea liphuputso 1. HIV.gov.(2020).What Are HIV and AIDS?.(online).Available at : https://www.hiv.gov/hiv-basis/overview/about-hiv-and-aids/what- are-hiv-and-aids [Accessed on 29 July 2020] 2. Mayo Clinic Minutes.(2019).HIV/AIDS.(online).Available at : https://www.mayoclinic.org/diseases-conditions/hiv-aids/symptoms- causes/syc-20373524 [Accessed on 17 August 2020] 3. Medlineplus.gov.(2019).HIV: PrEP and PEP.(online).Available at : https://medlineplus.gov/hivprepandpep.html [Accessed on 17 August 2020]
  • 15. 4. Pietrangelo, A.(2020).Guide to HIV and AIDS.(online).Available at : https://www.healthline.com/health/hiv-aids [Accessed 12 Sept. 2020]