Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
MORENA E MOHOLO OA LESOTHO LE MEKHABISO EA HAE
1. MORENA E MOHOLO OA LESOTHO LE
MEKHABISO EA HAE
KA ꞋMAKHAUTA MAHLEKEFANE
2. SELELEKELA
Ruri mehla ea fetoha ,u ne u ka khahloa u be u lakatse eka le uena u ka ba morena .
Empa joale borena boa tsoalloa hoseke ng joalo bohle re ka be re le marena a maholo re latelletse
le ho khahloa ke mekhabiso ea oona.ke tlo bua ka :
Tlhaloso ea morena .
Lebitso la morena e moholo oa Lesotho.
Melemo ea boikhabiso ba morena e moholo.
3. NTŠETSO PELE EA SELELEKELA
Lintho tseo morena e moholo oa Lesotho a khabang ka tsona :
Moqhaka
Lesiba la mohololi
Rempi
Lesale
Lehlosi
4. TLHALOSO EA MORENA
Morena e moholo ke motho eo eleng hore o tsoaletsoe kahara mali a borena.
Mohlala: ha morena a hlokahetse,ngoana oa hae oa moshanyana ke eena eo e seng e tlaba
morena,ha lilemo li so mo lumelle hore a ka busa , o tla emeloa hore a be lilemong tsa hore a ka
busa.
5. MORENA MOSHOESHOE OA PELE
Morena Moshoeshoe 1
Ke mora e moholo oa Morena Mokhachane, eo e neng e le morena e moholo oa Bakoena ba ha
Mokoteli.Morena Moshoeshoe ha a le lilemo li mashome a mararo a metso e mene,o ile a qapa
seboko seo e leng sa hae,ꞌme ea eba morena e moholo oa Lesotho ka selemo 1822 ho isa ho sa
1870.
Setšoantšo ka :twitter.com
6. MEKHABISO EA MORENA MOSHOESHOE
Morena ka mong o na le tsela eo a khabang ka eona le tsela eo batho ba mo khethollang ho marena
a mang ka eona.Le morena Moshoeshoe o ne a e na le tsela eo a ikhethollang ho marena a mang ka
eona.Tse latelang ke mekhabiso ea morena Moshoeshoe:
Lehlosi
Moqhaka
Lesiba la mohololi
Lesale
7. NTŠETSO-PELE
Lehlosi
Ke kobo e etsetsoang marena,e entsoe ka matlalo a liphoofolo tse hlaha.Basotho ba ne ba lumela
hore ha morena ha a apere kobo e joalo o tlaba le makhabane a phoofolo e joalo.
Setšoantšo ka :thenewhumanitarian.org
8. MOQHAKA
Ke mokhabiso oa hloohong ekaba oa sefaha kapa letlalo.
O ka etsoa ka sefate sa mohloare,ꞌme oona o roaloa hloohong ke marena e le pontšo ea ketapele.
Setšoantšo ka :pinterest.com
9. LESIBA LA MOHOLOLI
Ke lesiba la nonyana e bitsoang mohololi le hlongoang hlohong ho morena ele sesupo sa ho tlotla
morena.
Setšoantšo ka :pinterest.com
10. LESALE
Ke lesale la puso leo Morena Moshoeshoe a na le fuoe ke Morena Mohlomi e le sesupo sa hore
Morena Moshoeshoe e se ele eena Morena.
Setšoantšo ka :harvestfm.com
11. REMPI
Ho suuoa lekoko la poli hore lebe bonolo le suuoa e be le kenngoa lifaha e be ho nkuoa lentoana
la naketsana le rokelloe mono .
Setšoantšo ka :tribalartbrokers.net
12. MEHLOLI EA LIPATLISISO
David,S (2018) Tribal Beadweak(image) Available at
https://tribalartbrokers.net/details.php?type=beadwork&itemld=SAY Accessed on 11 August
2020
Nicholas,K (2017) Beaded Jewelery Pattern(image) Available at
https://za.pinterest.com/pin/264305071862009972/ Accessed on 08 September 2020
https://za.pinterest.com/belovedbeadwork/beadwork-from-Lesotho/[ Accessed on on 19
August 2020]
Lekhooa,T (2018) Commemoration of Moshoeshoe’s Day Available at
http://harvestfm.co.ls/article.aspx?id=7379&h=commemoration-of-Moshoeshoe-day [Accessed
on 23 August 2020]
Available at https://www.pinterest.com/pin/539235755354720680 [Accessed on 23 August
2020]
13. NTŠETSO PELE EA MEHLOLI EA
LIPATLISISO
https://www.thenewhumanitarian.org/report/39839/Lesotho-country-battles-
pandemic[Accessed 29 April 2002]
https://www.thepost.co.ls/insight/preparing-the-groundwork-for-reforms-2[Accessed 6 August
2020]
̎Mshweshwe ̎ . Enclyclopǣdia Britannica. 2008.Retrieved 7 April 2008.
Soszynski,Henry. ̎LESOTHO ̎.members .iinet.net.au.Archived from the original on 30 June 2017
.Retrived 1 November 2015 .Available at
https://simple.m.wikipedia.org/wiki/Moshoeshoe_II_of_Lesotho [Accessed on 6 August 2020]