2. BOITSEBISO
Lebitso laka ke Nthatuoa Leonia Matsoso.ke moithuti sekolong sa Lesotho College of
Education Thaba-Tseka. Student number saka ke 2020/0153.Ke fumaneha marang-rang a
latelang:
Facebook Account:Nthatuoa Leonia Matsoso
Email address:nthatuoalonymatsoso@gmail.com
3. SELELEKELA
Likokonyana ke liphofotsoana tse phelang mobung,mekoting,metsing,liphoofolong le
bathong.Likokonyana li mahlo a mabeli.`mele oa tsona o likarolo li tharo.Hlooho,`mele le setono.Li na
le manakana a mabeli hloohong a li thusang ho mamela molumo,monko,mocheso kapa
mohatsela.Likokonyana li mabitso a mangata empa ke tlo bua ka tse latelang:
-Lerutle
-Notsi
-Monoang
-Ntsintsi
-Ts`its`ili
-Boselaisi
-Khola-bolokoe
-Seqhomela-nkong
-Motsoaitsoai
-Lephele
-serurubele
4. LERUTLE
Ke mofuta oa kokonyana o maoto a ts`eletseng . Maoto a ka morao a maholo hape a lisakha.Le
na le mapheo.Le sebelisa maoto le mapheo bakeng sa motsamao.Lerutle le phela ka ho ja joang
le makhasi a limela.Lerutle le mefuta e `meli ke le `mala o motala le le `mala o khoarahla.Lerutle
le letala le tsebisahala ka hore ke la poone hobane le letala joaloka lekhaba la eona
poone.Mofuta ona oa lerutle ke ona o jooang ke balisana naheng ba a le besa.
5. NOTSI
Ke mofuta oa kokonyana o maoto a tśeletseng.E na le mapheo.E sebelisa mapheo le maoto ho
tsamaea.Linotsi li ka hahela lilomong,lifateng,matlong le mekoting.Linotsi li phela ka ho noa lero la
lipalesa.Linotsi li behela mahe a bitsoang makhea .Makhea a linotsi a sebelisoa ho etsa meriana ka
eona.linotsi li boela li sebelisoa ho phekola mafu mohlala serame le setorouku.Motho a tśoeroeng ke
serame kapa setorouku o lomisoa ka linotsi manonyeletsong eba oa fola kamora ho etsa sena ka
makhetlo a fetang hanngoe.
Linotsi lia ruuoa e le ka sepheo sa ho etsa chelete .Makhea aka rekisoa hape bana le bokuli ba ka
etela sebakeng seo ho ruiloeng linotsi `me ba lefa ho fumana litśebelletso.Linotsi ka nqa engoe li
hlalosoa li le kotsi kaha li ka hlaisa lefukapa ho bolaea.Mohlala linotsi tsa semana.Linotsi tsa semana
ke linotsi tse etsang qhoqhoane `me ha li ka kopana le motho kapa phoofolo lia e hlasela li e romella
masihloane.
6. MONOANG
Ke kokonyana e maoto a ts`eletseng.E na le mapheo le eona ka Mokhoa o tśoanang e sebelisa litho tsena
bakeng sa motsamao.Monoang o fumaneha Hlabula.O fumaneha libakeng tse nang le metsi kapa tse
mongobo.monoang o baka le ho tsamaisang mafu.monoang o oma liphoofolo le batho bosiu ka lebaka la
hore monoang o rata mmala o lefifi. o ka bakela motho liso moo o mo lommeng.
7. NTSINTSI
Ke mofuta oa kokonyana o nang le maoto a tśeletseng hape ena le mapheo e a lumellang ho fofa.E
fumaneha libakeng tse `monko o mobe joaloka matloaneng le meqomong ea lithoele.E baka le ho ho
tsamaisa mafu hobane e lula hohle.Ntsintsi li fumaneha ka bongata hlabula .Ntsintsi e phela feela
matsatsi a supileng.
8. TŚITŚILI
Ke kokonyana e e maoto a tśeletseng.E `mala o mofubelu.Ke kokonyana e lomang.E phela ka ho noa
mali a batho le a liphoofolo. E ikatisa ka ho behela mahe ao qetellong ebang litśitśili.Li fumaneha le ho
bonahala hlabula ka lebaka la hore li thabela mocheso.Li bonahala bosiu ha batho ba khalehile ele
hore li iphepe ka ho noa mali a bona hantle ba sa khalehile.
9. BOSELAISI
Ke kokonyana e thokoa ka `mala kapa e ka ba `mala o mofubelu.E fumaneha boeng ba liphoofolo
le ka litsebeng tsa liphoofolo esita le tsa batho.E phela ka ho noa mali a liphoofolo le a
batho.Liboseleisi tse tśeali li behela mahe ntle ho thuso ea tse tona.
10. KHOLABOLOKOE
Ke kokonyana e maoto a tśeletseng e `mala o motso .E fumaneha sakeng,mangopeng le
naheng.E phela ka ho ja bolekoe ba batho le ba liphoofolo.E bopa lipolokoana ka bona
bolokoe.E pitisa lipolokoana tsena ka maoto a kamorao.Hlooho ea eona e sheba morao moo e
tsoang teng ha maoto a sheba pele moo e eang.E be ho thoe hela! ramakaraba o Khanna o
shebile kae?
11. SEQHOMELA –NKONG
Ke mofuta oa kokonyana o maoto a ts`eletseng.E phela mekoting, tlasa majoe le libakeng tse
mongobo.liqhomela-nkong tse tloaelehileng se bile se fumanehang ka bongata ke se `mala o mots`o
le tse `mala o sootho.Ha se tsamaea se ea qhoma ke ka hona se rehiloeng se qhomela-
nkong.Seqhomela-nkong se. behela mahe a lekholo le mashome a mahlano ho isa ho a makholo a
mane.
12. MOTSOAITSOAI
O na le maoto a tśeletseng.ke kokonyana e `mala o isitseng bofubelung.Hloooho le setono li na le
bots`o.Ke kokonyana e phelang mekoting.e fumaneha hlabula.e fumaneha haholo ha pula e nele ka
la maobane ebe letsatsi le hlahlamang li tsoa ka bongata mekoting.ke kokonyana e lomang ha
bohloko.
13. LEPHELE
Ke kokonyana e maoto a tśeletseng.E `mala o mofubelu.E na le mapheo.Le phela libakeng tse
bohlasoa le moo ho nang le mafura.Li na le mekotla ea mahe e tśetseng mahe a lipakeng tsa
leshome le metso e tśeletseng le mashome a mane lephele ka `ngoe
14. SERURUBELE
ke kokonyana e maoto a tśeletseng.Se na le mapheo.Lirurubele li `mala e mengata e fapaneng e
metle haholo.Li ka fumaneha mahaheng,lifateng le lipaleseng.Li noa lero le tsoang lipaleseng li
sebelisa karolo e fumanehang molomong oa eona e shebahalang joaloka lethopo
16. Step 1:click upload button
Step 2:upload page is displayed and click “select files to upload” button
Step 3: when this options are displayed,select login with linkedin
Step4: Click “select files to upload “ button
Step5:Browse and select presentation to be upload and click open
Step 6: Type suitable / appropriate title here
Step 7:Type a brief title of the presentation
Step 8:Select appropriate category of field for your presentation
Step 9: Select “public “ here
Step10: Add tags or key words/phrases that best describe your pesentation
Step11: Click publish