3. SELELEKELA
Linonyana ke liphoofolo tse nang le masiba tse tsamaeang ka maoto a mabeli.
Ebile li a fofa esitana le ho behela mahe li nto qhotsa bakeng sa ho ikatisa.
5. KHOHO
Ke nonyana ea hae. Ekaba nonyana ea mahe kapa nama ‘me batho ba iphelisa
ka eona ka ho rekisa mahe kapa nama. Ekaba ‘mala e fapaneng .
Sets’oants’o ka: Collinsdictionary.com
6. PHAKOE
Ke nonyana e ‘mala o moosotho le molora. E molomo o kotsuopo o bohale. E
ja nama ea meutla,mechalla,linoha,lipela le litsuonyana. E phela lilomong.
Sets’oants’o ka: en.Wikipedia.org
7. SEPHOOKO
Ke nonyana e khoarahla ka ‘mala. E phela lilomong ‘me mahlo a eona maholo.
E ja liranranra,litali le linoha.Hangata ha e lla motseng Basotho ba re e hlola
mokhohlane.
Sets’oants’o ka: ar.priterest.com
8. SEROBELE
Ke nonyana e khoarahla ka ‘mala. E phela lifateng kapa lihlohlolong tsa matlo
moo e etsang sehlaha seo lulang ka hara sona. E ja lijo thollo joaloka
poone,mabele ,koro,mahlokoa,litlama-tlama tse nyenyane le liboko.
Sets’oants’o ka: ebrid.org
9. ‘MAMOLANGOANA
Ke nonyana e phatso’a bo bothokoana le bosoeu ho ea litonong le masiba a
kang likotonyana setonong sa eona.E menoto e melelehali hape setonong
mane e ba le masiba a malelele ho feta a mang.
Sets’oants’o ka: getteyimages.com
10. TSOERE
Ke nonyana e lulang mohlakeng,hangata e tsamaea ka sehloho ha e ruuoe.
Sets’oants’o ka: Moekase
11. ‘MAMASIANOKE
Ke nonyana e sootho ka ‘mala. E lula lifateng tse nokeng kapa lilomong ‘me e
etsa sehlaha se seholo se entseng ka ntho ‘ngoe le ‘ngoe eo e ka e nkang. E
hlooho e selepe ka marao le molomo e molelele.
Sets’oants’o ka: educalingo.com
12. LEEBA
Ke nonyana e ‘mala o molora. E ja lijo-thollo joaloka mabele,poone,koro
ekasitana le mafofo a lijo tse qhelletsoeng kantle.
Sets’oants’o ka: eBrid.org
13. MEHLOLI EA LIPATLISISO
1.Alamy.com.(2013).Yellow Billed Stork, Mycteria ibis, Lake Nakuru,
Africa(online)Available at : https://www.alamy.com/yellow-billed-mycteria-ibis-lake-
nakuru-Africa-image347986276.html
2.Britannica.com.(2020).Cormorant.(online)Available at :
https://www.Britannica.com/animal/cormorant
3. Ebrid.org(2015).Chipping Sparrow.(online)Available at : https ://ebird.org/species/
chispa
4.Ebird.org.(2018).Stock Dove.(online)Available at : https://ebird.org.species/stodovl
5.Educalingo.com(2020). Hammerkop.(online)Available at :
https://educalingo.com/en/dic-en/hammerkop
6.Lepheana.M.Masakale.M.(2020). Lipolelo Le Mantsoe a Sesotho.(online)Available at :
https://touch.facebook.com/groups/1533625680147802?view=info&re
fid=18&ref=group browse