Basotho ba na le lipapali tseo ba ketekang meketjana ka tsona Ele ho natifisa meketjana eo. Lipapali ba li etsa hape le bakeng aa ho itlhabolla, ho koetlisa 'mele le ho itlosa bolutu. Tse Ling tsa lipapali tsena li ba ruta le masene.
Lingata lipapali tsa Basotho empa ke rata ho tlo bua ka tse latelang eleng mokhibo, litolobonya, lipina tsa mokopu, liketoana, mohobelo, moraba-raba, ntlamo le selia-lia. Lipapali tsena Basotho ba ikhethile ka tsona 'me li bohlokoa ho bona hobane ha li t'soane le tsa linaha Tse ling hape li na le moaparo oa tsona o ikhethileng o motle haholo ebile o ba khabisa ha ba etsa lipapali tsena.
2. LIPAPALITSABASOTHO
Basotho ba na le lipapali tseo ba ketekang meketjana ka tseno ele
ho natifisa meketjana eo. Lipapali tsena ba li etsa hape le bakeng
sa boitlhabolla, ho koatlisa 'mele le ho itlosa bolutu. Tse ling tsa
lipapali tsena li ruta le batho masene.
Lingata lipapali tsa Basotho empa ke rata ho tlo bua ka tse latelang
eleng mokhibo, litolobonya, lipina tsa mokopu, liketoana,
mohobelo, moraba-raba, ntlamo le selia-lia.
3. MOKHIBO
Mokhibo ke papali ea banana le basali e bapaloang nako eohle
ea selemo.
Lisebelisoa: machoba, lithejana, sekupu, lisakatuku, phala.
Sebaka: letlapeng la motse.
6. LESOKOANA
Ke papali e bapaloang ke banana ka selemo mot`seare oa
mantsibuea.
Lisebelisoa: thupa e bitsoang lesokoana.
Sebaka: Kantle ho motse.
7. LIKETOANA
Li bapaloa ke banana mot’seare Nakong eohle ea selemo.
Lisebelisoa: majoana a masesene.
Sebaka: Moo ho bulehileng motseng.
Mefuta ea Liketoana: liketoana tsa sekoti, liketoana tsa sothi.
8. LIPAPALITSABASHANYNA: MOHOBELO
Ke papali ea bashanyana le bahlankana e bapaloang nako eohle
ea selemo.
Lisebelisoa: melangoana, machoba, lisakatuku, litjobo,
marikhoe, lihempe
Sebaka: Letlapeng la motse.
9. MORABARABA
Ke papali ea bashanyana le banna e bapaloa mot`seare oa
mantsibua.
Lisebelisoa: majoana, letlapeng.
Sebaka: Khotla, naheng.
10. NTLAMO
E bapaloa ke bahlankana le banna ka nako eohle.
Lisebelisoa: merutloana, melangoana, kuoana, t`sea.
Sebaka: Letlapeng la motse.