Metsi a fumaneha libakeng tse fapaneng joaloka linokeng,lilibeng,matamong le linokaneng.Metsi ke bophelo ebile ke setlhare,metsi a sebelisoa ho hlatsoa,ho pheha le ho ts'ella meroho.Metsi a sebelisoa haholo le lifemg ka ho fapana ho etsa lihlahisoa ka mefuta tsona.Basotho ba heso ho bohlokoa ho baballa mehloli ea metsi ka ho thibela liphoofolo ho fula mekhabong le ho theha mekhatlo ea paballo ea metsi.
3. SELELEKELA
Metsi ke setlhare, metsi khauta ea naha ea Lesotho, sehloliloeng sena se bohlokoa se
fumanaha libakeng tse fapaneng.Basotho ba heso ha re baballeng mehloli ea metsi hoba rea
sebelisa ho etsa lintho tse ngata.
4. MEHLOLI EA METSI
• Letamo: Ke mohloli oa metsi moo metsi a bokelletsoeng ka bongata ‘me le etsoa nokeng
kapa mateanong a linoka tse peli mohlala letamo la katse le fepeloa metsi ke noka ea
maliba-matšo le noka ea matsoku, pokello ena ea metsi e boheha haholo ‘me e hohela
bahahlaoli ho hlaha libakeng tse fapaneng.
5. NTŠETSO PELE
• Noka:mohloling ona ke moo metsi a phallang ka bongata bo boholo ‘me letšeng a phalla
joalo a leoatleng kapo e leng moo noka e tla qhalla metsi teng mehlala ea linoka tsa Lesotho
ke Senqu,Maliba-matšo,Makhaleng le Mohokare.
6. NTŠETSO PELE
• Seliba:Ke moo metsi a runyang fatše ebe ho ea fatoa e le hore
metsi a tle a be mangata,ho ahoa ka majoe ebe se ea koaheloa
hore metsi a fumanehang mona a lule a hloekile.
7. MESEBETSI EA METSI
• Metsi a thusa ho boloka bohloeki, hore re lule re hloekile re lokela ho hlapa le ho hlatsoa
liphahlo le lijana ‘me sena se thusa ho qoba mafu a bakoang ke litšila joaloka letšollo.
8. NTŠETSO PELE
• Metsi re ea sebelisa ho noesetsa lijalo e le hore li hole hantle li
se ke tsa omella,ka thuso ea metsi Matsoai a tsoang mobung a
qhibiliha ka hara metsi e le ho nolofatsa hore matsoai ana a kene
methapong ea semela ho tla se ntlafatsa .
9. NTŠETSO PELE
• Metsi a sebelisoa ho fehla motlakase,mohlala seterekeng sa
Botha-Bothe ‘Muela ho sebelisoa metsi ho fehla
motlakase.Motlakase oa metsi o hantle haholo hobane metsi ha
silafatse tikoloho joalo ka motlakase o fehliloeng ka mashala.
10. NTŠETSO PELE
Metsi a sebelisoa lifemeng tse kholo ho etsa lihlahisoa mohlala femeng ea joala le femeng ea
meriana metsi a sebetsa ka bongata.
11. PABALLO EA MEHLOLI EA METSI
Re ka baballa mehloli ea metsi ka ho se qhalle litšila mehloling, kaha metsi a litšila a ka kulisa
le ho bolaea liphoofolo tse phelang metsing joaloka lithlapi le tse noang metsi joaloka
likhomo le batho.
12. NTŠETSO PELE
• Mekhoabo re ka ebaballa ka ho se fulise liphoofolo hobane li ka senya mekhoabo.Le
balisana ba rutoe ka ho baballa mekhoabo.
13. NTŠETSO PELE
• Lilibeng le matamong teng ho ka terateloa mehloli ena hore liphoofolo li se ke tsa silafatsa
metsi,hape ho etsoe lipompo le litanka mehloling hore e baballehe.Metseng ho thehoe
mekhatlo ea paballo ea metsi,mekhatlo ena e tla ruta sechaba bohlokoa ba ho baballa mehloli
ea metsi.