3. Selelekela
Ho bohlokoa ho tseba nalane kaha re ithuta lintho tse ngata tse
etsahetseng khale, me re le moloko o mocha litaba tsena re ka ikaha
ka tsona hore re tsoelopele re sa etse liphoso.
4. Nalane
Ke liketsahalo tsa bohlokoa tse ngotsoeng ka tatellano, le mabaka a
entseng hore liketsahalo tseo li etsahale ka tsela eo li etsahetseng
kateng.
5. Mothehi oa mokha oa sechaba sa Basotho ke mang?
Mokha ona o thehiloe ke mohlomphehi Leabua Jonathan ka selemo
sa 1959, me ka selemo sa 1965 e ile ea eba tonakholo ea Lesotho
kaha Mokha oa Sechaba Sa Basotho one o li hula pele ka litulo tse
31,ka selemo sa 1986 mohlomphehi Leabua Jonathan o ile a tlosoa
pusong ke sesole sa Lesotho seneng se eteletsoe pele ke
mohlomphehi Justin Metsing Lekhanya.
6. Mothehi oa Mokha oa Sechaba Sa Basotho-
Leabua Jonathan
Setšoantšo
ka :
https://ww
w.amazon.
com
7. Baetapele ba Mokha oa Sechaba sa Basotho kamorao
ho Leabua Jonothan
Evaristus Retšelisitsoe Sekhonyana e ile ea eba moetapele oa
Mokha oa Sechaba Sa Basotho kamorao ho Leabua Jonothan, ‘me e
ile ea e ba letona la lichelete ka lilemo tse latelang (1971-1981) le
(1986-1991).
8. Ntšetsopele ea Baetapele ba Mokha oa Sechaba Sa
Basotho kamorao ho mohlomphehi Leabua Jonathan
Justin Metsing Lekhanya o ile a khethoa ele moetapele oa Mokha oa
Sechaba sa Basotho ka selemo sa 1999 a hlahlama morena
Retšelisitsoe Sekhonyana , me likhethong tsa 2002 o ile a hloloa ke
ho nka lebatooa la Mantšonyane moo aneng a emetse likhetho teng
ka hona la nkoa ke mofumahali Masuthang Taole oa Lekhotla la Puso
ea Sechaba ka Sechaba.
10. Ntšetsopele
Selemong sa 2010 morena Thesele Maseribane o ile a khethoa ele
moetapele oa Mokha oa Sechaba Sa Basotho ha ho ne ho theoloa
mohlomphehi Justin Metsing Lekhanya. Mokha oa Sechaba Sa
Basotho e ile ea eba karolo ea mekha ea pele Lesotho e busang ka ho
ikopanya, ka selemo sa 2012 ho isa ho sa 2014. Selemong sa 2017 ho
ile hoa etsahala taba e tšoanang le ea selemo sa 2012 kaha Mokha oa
Sechaba sa Basotho e ile ea eba karolo ea puso ea boraro e busang ka
kopanelo naheng ea Lesotho.
12. Mebala ea folakha ea Mokha oa Sechaba Sa
Basotho
Folakha ea mokha oa Sechaba Sa Basotho ena le mebala e
mene le tlhaloso ea ̓̓mala ka mong ̓me mebala eo ke ee
latelang;
Botala : Naha Lesotho le katleho ea eona.
Bofubelu: Bolumeli le thapelo.
Bosoeu : Khotso.
Boputsoa: Leholimo le pula.
13. Folakha ea Mokha oa Sechaba Sa Basotho
Setšoantšo ka: www.Wikipedia.org
14. Mohoo oa mokha oa Sechaba Sa Basotho
Mohoo oa mokha oa Sechaba Sa Basotho ke tlholo me tlholo
letšoao lateng le bontšoa ka monoana oa bosupa le oa borobeli.
15. Qetello
Pokello ea litaba tse etsahetseng khale e molemo kaha e fana ka
malebela a bophelo le hore Basotho ba se ke ba lahla setso sa bona.
16. Mehloli ea lipatlisiso:
1. Amazon.com.(2020). Vintage photo of Portrait of Chief Leabua Jonathan.: Entertainment
Collectibles". Available at: [image] https://www.amazon.com/Vintage-photo-Portrait-Leabua-
Jonathan/dp/B01FKQGHA0#immersive-view_160302221118 (accessed : 19 September
2020)
2.Britannica.com. (2019).Basotho National Party | political party, Lesotho |
Britannica".Available at: [online] https://www.britannica.com/topic/Basotho-National-Party
(accessed: 17 July 2020)
3. Alchetron.com. (2018). The Free Social Encyclopedia" . Available at: [image]
https://alchetron.com/Justin-Lekhanya (accessed:17 July 2020)
4.Communication.gov. (2020)."Ministry of Communication | Minister" .Available at: [online]
https://www.communications.gov.ls/minister.php (accessed:09 August 2020)
17. Mehlolo ea lipatlisiso e tsoela pele
5.Kabi,P.(2020)."Maseribane attacks “lying” coalition partners - Lesotho Times". Available at
:[image] https://lestimes.com/maseribane-attacks-lying-coalition-partners/ (accessed:17
September 2020)
6.Bellerophon.(2020). "Basotho National Party-Wikipedia" . Available at: [online]
https://en.m.wikipedia.org/wiki/Basotho_National_Party (accessed:17 September 2020)
7.Cheney.(2020)."Evaristus Sekhonyana-Wikipedia". Available at: [online]
https://en.m.wikipedia.org/wiki/Evaristus_Sekhonyana
(accessed:12 October 2020)