Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
Mefuta ea liphoofolo tsa basotho tsa hae ka Moahloli Mookho.pptx
1. MEFUTA EA LIPHOOFOLO TSA BASOTHO TSA HAE
KA: MOAHLOLI MOOKHO 2020/0156
DEP3
LESOTHO COLLEGE OF EDUCATION
THABA-TSEKA CAMPUS
2. SELELEKELA
Joalokaha re tseba hore Basotho ke sechaba se ikhethollang naheng tse ling ka moaparo,lijo,puo,liphoofolo
le tse ling tse ngata,ke tlo bua ka liphoofolo tsa bona tsa hae.Tse latelang:
1. Khomo
2. Pere
3. Katse
4. Ntja
5. Kolobe
6. Khoho
7. Nku
8. Tonki
3. Khomo
• Ke phoofolo e phahameng ka seemo.Tse ling li na le manaka ha tse ling li le chitja kapa chitjana.Mmele oa
eona o sirelelitsoe ka letlalo le boea.E lula ka sakeng.E ja joang.E sebelisoa ho panoa ha ho lengoa.Letlalo
la eona le etsa meaparo ea sesotho le mealo.E fana ka nama,lebese le mafura.Manaka a eona lingaka li
tšela meriana ho ̓ona.
www.alamy.com
4. Pere
• Ke phoofolo e phahameng ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le bobea.Ke phoofolo e litsebe li
khutsoanyane.E mohatla o molelele.E lula ka setaleng kapa ka sakeng.E ja joang.E sebelisoa ho panoa ,ho
bofshoa le ho palangoa.Letlalo la eona le sebelisoa ho etsa mealo.
www.alamy.com
.
5. Katse
• Ke phoofolo e nyenyane ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le boea.E phela ka tlung.E rata
nama le lebese haholo.E sebetsa ho leleka litoeba le ho fana ka nama
.
www.alamy.com
6. Ntja
• Ke phoofolo e bohareng ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le boea.E rata nama hofeta lijo
tsohle.E phela ka serobeng.E sebetsa ho tsoma le ho kata masholu bosiu le motšeare.
stephenbodio.com
7. Kolobe
• Ke phoofolo e bohareng ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le boea bo thata.E lula
ka hokong.E rata lijo tse bolila.E fana ka nama le mafura.
www.istockphoto.com
8. Khoho
• Ke phoofolo e nyenyane ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le masiba.E lula ka serobeng
kapa kalaneng.E ja lijo-thollo,limela ekasitana le majoana a masesanyane.
www.pinterest.de
9. Poli
• Ke phoofolo e bohareng ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka boea bo bongata,bo leketlileng.Ke
phoofolo e nang le manaka ha tse ling li le chitja kapa chitjana.E ja joang.E phela kasakeng.Letlalo la eona le
sebelisoa ho etsa mealo.Boea ba eona bo sebetsa ho etsa liphahlo.E fana ka nama,mafura le lebese.
www.dreamstime.com
10. Tonki
• Ke phoofolo e phahameng ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le boea.Ke phoofolo e
litsebe li telele.E lula ka setaleng kapa ka sakeng.E ja joang.E sebelisoa ho palanngoa,ho bofshoa le
ho panoa ha ho lengoa.Letlalo la eona le sebelisoa ho etsa mealo.E fana ka nama le lebese.
en.m.wikipedia.org
11. Nku
• Ke phoofolo e bohareng ka seemo.Mmele oa eona o sirelelitsoe ka letlalo le boea.Tse ling li na le manaka ha tse
ling li le chitja kapa chitjana.E lula ka sakeng.E ja joang.Letlalo la eona le etsa mealo ha boea ba eona bo etsa
liphahlo.E fana ka nama,mafura le lebese.
www.alamy.com
12. Bakeng sa lipotso le litlhakisetso,u ka mphumana mona:
E-mail: mookhomoahloli19@gmail.com
Facebook: Moahloli Justina Mookho
TikTok: Justina
Call: 63342878
Qetello