SlideShare a Scribd company logo
1 of 23
Lesotho College of Education
Re Bona Leseli Leseling La Hao
NALANE EA LIPOLOTIKI TSA LESOTHO (2007-
2017)
KA THATO ASHASHA
Boitsibiso
• Mabitso:Thato Ashasha
• Moithuti:Lesotho College of Education Thaba-Tseka Campus
O ka bua le ho fumana ka ‘na mona
• Email address: ashashathato0001@gmail.com
• Facebook: http://www.facebook.com/thatoashasha.sebeta
• Linkedin: https://www.linkedin.com/in/thato-ashasha-6115551b7
• Slideshare: http://www.Slideshare.net/thatoashasha/
Selelekela
• Lesotho ke naha e busoang ke Bo-ralipolotiki,kahare ho lipolotiki hona le makhotla le
mekha.'Me 'ona a na le ba thehi,ba lateli le mabitso a ikhethollang ho amang. Hore mokha
kapa lekhotla le itseng le tle le buse naha ho uoa likhethong, ebe lekhotla le tla fumana lipalo
tse holimo tsa mabatooa ke lona le busang naha.
Ho thehoa hoa ABC
•Ka la leshome le metso e meraro Mphalane selemong sa likete
tse peli le metso e tšeletseng,Mohlomphehi Motsoahae Tom
Thabane o ile a tloha kahare ho Lekhotla la Puso ea Sechaba
ka Sechaba(LCD) le neng le tšoere puso. A theha Lekhotla la
hae la Kobo-tata ea Basotho(ABC),sena se ile sa siea Lekhotla
la Puso ea Sechaba ka Sechaba ka litulo tse nyane tsa
Paramente.
Setšoantšo ka:m.facebook.com>All Basotho Convention
Ho phatlalatsoa hoa letsatsi la likhetho(2007)
•Tona-kholo Pakalitha Mosisili o ile a eletsa Motlotlehi Letsie III ho
qhala Paramente ka la mashome a mabeli a metso e mene
Pulungoana,selemong sa likete tse peli le metso e tšeletseng, ‘me
Paramente ea qhaloa letsatsi la likhetho la phatlalatsoa hore li tla ba
ka la leshome le metso e supileng Hlakola,selemong sa likete tse peli
le metso e supileng.
Nako ea likhetho
•Mekha e leshome le metso e ‘meli e ne e ngoliselitse ho emela
likhetho.Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le ile la hapa
mabatooa a mashome a tšeletseng a metso e ‘meli,Lekhotla la Kobo-
tata ea Basotho(ABC) le ile la hapa mabatooa a leshome le metso e
supileng,Lekhotla la Kopano ea MaAfrika(ACP) le ile la hapa
lebatooa le leng.Mekha e meng ha e kaba ea hapa mabatooa.
Ho phatlalatsoa hoa sephetho
•Ka la mashome a mabeli Hlakola,Komisi e ikemetseng ea
likhetho(IEC) e ile ea phatlalatsa hore Lekhotla la Puso ea
Sechaba ka Sechaba(LCD) le hapile likhetho. Mohlomphehi
Pakalitha Mosisili e ile ea e-ba tona-kholo ea Lesotho.Matona a
‘muso a ile a ba leshome le metso e tšeletseng.
•Setšoantšo ka: www.lcd.org.ls
Ho thehoa hoa DC
•Pele ho likhetho tsa selemo sa likete tse peli leshome le metso e
‘meli,Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le ile la
arohana,Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a theha Lekhotla
la Puso ea Sechaba(DC).
•Setšoantšo ka: www.dc.org.ls
Ho phatlalatsoa hoa letsatsi la likhetho(2012)
•Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a eletsa Motlotlehi Letsi III ho
qhala Paramente.Motlotlehi o ile a e qhala ka la leshome le metso e
mehlano Hlakubele selemong sona seo,’me a phatlalatsa hore
likhetho li tla tšoaroa ka la mashome a mabeli a metso e tšeletseng
Motšeanong selemong sa likete tse peli leshome le metso e ‘meli.
Nako ea likhetho(2012)
•Mekha e neng e ngoliselitse ho emela likhetho e ne e le leshome le
metso e ‘meli. Likhethong tsena Lekhotla la Puso ea Sechaba(DC) le
ile la hapa mabatooa a mashome a mane a motso o mong,Lekhotla la
Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ile la hapa a mashome mabeli a metso
e tšeletseng,Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le ile la
hapa a leshome le metso e ‘meli,Khoetsa ea Sechaba sa Basotho e ile
ea hapa le le leng haele mekha e meng ha e kaba ea hapa mabatooa.
Phatlalatso ea sephetho
•Kahar’a naha ea Lesotho mokha kapa lekhotla la lipolotiki le tlameha
ho hapa mabatooa a mashome a tšeletseng a motso o mong.Ka lebaka
la hore ha ho mokha o hapileng mabatooa a makalo mekha le
makhotla li ile tsa lokela ho buisana ka sepheo sa ho theha ‘muso oa
kopanelo. Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le Lekhotla la
Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) a ile a kopanela puso le Mokha
oa Sechaba sa Basotho(BNP).Likhetho tsena ebile tsa pele tseo ho
ileng hoa kopaneloa puso kahar’a naha ea Lesotho.
Ntšetso-pele
•Mohlomphehi Motsoahae Tom Thabane o ile a behoa e le tona-kholo
ka la robeli Phuptjane selemong sa likete tse peli leshome le metso e
‘meli.Ka la mashome a mararo Phuptjane, tona-kholo Thabane a
phatlalatsa matona a ‘muso a mashome a mabeli a metso e meraro le
batlatsi ba ‘ona ba supileng.
Tona-kholo o tšabela Afrika Boroa(2014)
•Ka selemo sa likete tse peli leshome le metso e mene,ho ile hoa ba le
ho hloka botsitso kahare ho naha ‘me sena se ile sa etsa hore tona-
kholo Thabane a tšabele Afrika Boroa.Ho khutleng hoa hae tlasa
tšireletso ea mokhatlo oa linaha tse ikopantseng tlase ho
Afrika(SADC),Mohlomphehi Cyril Ramaphosa o ile a khothaletsa
naha ea Lesotho hore ho uoe likhethong.
Phatlalatso ea letsatsi la likhetho tsa (2015)
•Motlotlehi Letsi III o ile a qhala Paramente ka la hlano Tšitoe
selemong sa likete tse peli leshome le metso e mene.A phatlalatsa
hore likhetho li tla tšoaroa ka la mashome a mabeli a metso e robeli
Hlakola selemong sa likete tse peli leshome le metso e mehlano.
Nako ea likhetho(2015)
•Likhethong tseo Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ile la
hapa mabatooa a mashome a mane,Mokha oa Sechaba sa
Basotho(BNP) o ile oa hapa lebatooa le leng,Lekhotla la Puso ea
Sechaba(DC) a mashome mararo a metso e supileng,Lekhotla la Puso
ea Sechaba ka Sechaba(LCD) a mabeli.Likhethong tsena ho ne ho se
na mokha kapa lekhotla le hapileng mabatooa a mashome a
tšeletseng a motso o mong.
Ntšetso-pele
•Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a kopanela puso le makhotla
tšeletseng,e leng Lekhotla la Puso ea Sechaba ka
Sechaba(LCD),Khoetsa ea Sechaba sa Basotho(PFD),Mokha oa
Sechaba o ikemetseng(NIP),Lekhotla la Mahata-
mmoho(BCP),Lekhotla la K’honkerese(LPC) le Lekhotla la Marema-
tlou(MFP).
Tona-kholo Pakalitha o behoa litulong
•Ka la leshome le metso e supileng Hlakubele selemong sona
seo,Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a behoa e le tona-kholo.Ka
la mashome a mararo ho ile hoa hlapantšoa matona a mashome a
mabeli a metso e supileng le batlatsi ba ‘ona ba supileng.
Ho thehoa hoa AD(2016)
•Ka Tšitoe selemong sa likete tse peli leshome le metso e
tšeletseng,Mohlomphehi Monyane Moleleki o ile a theha Lekhotla la
Kopano ea Sechaba(AD).
•Setšoantšo ka: www.ad.org.ls
Ntšetso-pele
•Mekha le makhotla a bohanyetsi a ile a bontša ho se khotsofale ho
tona-kholo ka la pele Hlakola selemong sa likete tse peli leshome le
metso e supileng.Eaba ba khetha Mohlomphehi Monyane hore e be
tona-kholo e ncha empa taba eo ea se ke ea phethahala kaha
Mohlomphehi Mosisili o ile a eletsa Motlotlehi Letsie III ho qhala
Paramente, ‘me e ile ea qhaloa ka la supa Hlakubele.
Ntšetso-pele
•Ka la leshome le metso e meraro ho ile hoa phatlalatsoa letsatsi la
likhetho hore li tla ba ka la tharo Phuptjane selemong sa likete tse
peli leshome le metso e supileng.Mekha e mashome a mabeli a
metso e robeli e ne e kenetse likhetho.
Phatlalatso ea sephetho(2017)
•Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ne le hapile mabatooa a
mashome a mane a metso e supileng,Lekhotla la Puso ea
Sechaba(DC) a mashome a mabeli a metso e tšeletseng,Lekhotla la
Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD),Lekhotla la Kopano ea
Sechaba(AD),Lekhotla la Sethala sa kholiso ea meruo(MEC) le
Khoetsa ea Sechaba sa Basotho(PFD) a ile a hapa lebatooa le le leng.
Ntšetso-pele
•Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ile la kopanela puso le Lekhotla la
Kopano ea Sechaba(AD),Mokha oa Sechaba sa Basotho(BNP) le Lekhotla la
K’honkerese e nchafetseng(RCL).Mohlomphehi Tom Thabane o ile a behoa e le
tona-kholo ka la leshome le metso e tšeletseng Phuptjane.Ka la mashome a
mabeli a metso e meraro ho ile hoa hlapantšoa matona a mashome a mabeli a
metso e mehlano le batlatsi ba ona ba supileng.
Mehloli ea lipatlisiso
• Koloi,B.(2014).Coalition represented in IEC.[online] Available at:
http//lestimes.com/coalition-parties-represented-in-iec/ [Accessed 12 January.2014].
• Sunday Express,(2013).Coalition under siege.[online ] Available at:
http://sundayexpress.co.ls/coalition-under-siege/ [Accessed 14 September.2013].
• Zihlangu,B and Ntaote,B.(2014).Coalition pact collapse.[online] Available at:
http://lestimes.com/?p16706 [Accessed 13 June.2014].

More Related Content

Recently uploaded

مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرضمختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرضأنور غني الموسوي
 
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...Nguyen Thanh Tu Collection
 
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaranFAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaransekolah233
 
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...Nguyen Thanh Tu Collection
 

Recently uploaded (6)

LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA .
LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA                 .LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA                 .
LAR MARIA MÃE DE ÁFRICA .
 
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرضمختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
مختصر علم احكام القرآن فقه القرآن وفق منهج العرض
 
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
TUYỂN TẬP 25 ĐỀ THI HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2023 CÓ ĐÁP ÁN (SƯU...
 
Energy drink .
Energy drink                           .Energy drink                           .
Energy drink .
 
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaranFAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
FAIL REKOD PENGAJARAN.pptx fail rekod pengajaran
 
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
TUYỂN TẬP 20 ĐỀ THI KHẢO SÁT HỌC SINH GIỎI MÔN TIẾNG ANH LỚP 6 NĂM 2020 (CÓ Đ...
 

Featured

PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024
PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024
PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024Neil Kimberley
 
Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)
Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)
Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)contently
 
How to Prepare For a Successful Job Search for 2024
How to Prepare For a Successful Job Search for 2024How to Prepare For a Successful Job Search for 2024
How to Prepare For a Successful Job Search for 2024Albert Qian
 
Social Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie Insights
Social Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie InsightsSocial Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie Insights
Social Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie InsightsKurio // The Social Media Age(ncy)
 
Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024
Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024
Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024Search Engine Journal
 
5 Public speaking tips from TED - Visualized summary
5 Public speaking tips from TED - Visualized summary5 Public speaking tips from TED - Visualized summary
5 Public speaking tips from TED - Visualized summarySpeakerHub
 
ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd
ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd
ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd Clark Boyd
 
Getting into the tech field. what next
Getting into the tech field. what next Getting into the tech field. what next
Getting into the tech field. what next Tessa Mero
 
Google's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search Intent
Google's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search IntentGoogle's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search Intent
Google's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search IntentLily Ray
 
Time Management & Productivity - Best Practices
Time Management & Productivity -  Best PracticesTime Management & Productivity -  Best Practices
Time Management & Productivity - Best PracticesVit Horky
 
The six step guide to practical project management
The six step guide to practical project managementThe six step guide to practical project management
The six step guide to practical project managementMindGenius
 
Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...
Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...
Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...RachelPearson36
 
Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...
Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...
Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...Applitools
 
12 Ways to Increase Your Influence at Work
12 Ways to Increase Your Influence at Work12 Ways to Increase Your Influence at Work
12 Ways to Increase Your Influence at WorkGetSmarter
 
Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...DevGAMM Conference
 
Barbie - Brand Strategy Presentation
Barbie - Brand Strategy PresentationBarbie - Brand Strategy Presentation
Barbie - Brand Strategy PresentationErica Santiago
 

Featured (20)

PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024
PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024
PEPSICO Presentation to CAGNY Conference Feb 2024
 
Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)
Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)
Content Methodology: A Best Practices Report (Webinar)
 
How to Prepare For a Successful Job Search for 2024
How to Prepare For a Successful Job Search for 2024How to Prepare For a Successful Job Search for 2024
How to Prepare For a Successful Job Search for 2024
 
Social Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie Insights
Social Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie InsightsSocial Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie Insights
Social Media Marketing Trends 2024 // The Global Indie Insights
 
Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024
Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024
Trends In Paid Search: Navigating The Digital Landscape In 2024
 
5 Public speaking tips from TED - Visualized summary
5 Public speaking tips from TED - Visualized summary5 Public speaking tips from TED - Visualized summary
5 Public speaking tips from TED - Visualized summary
 
ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd
ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd
ChatGPT and the Future of Work - Clark Boyd
 
Getting into the tech field. what next
Getting into the tech field. what next Getting into the tech field. what next
Getting into the tech field. what next
 
Google's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search Intent
Google's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search IntentGoogle's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search Intent
Google's Just Not That Into You: Understanding Core Updates & Search Intent
 
How to have difficult conversations
How to have difficult conversations How to have difficult conversations
How to have difficult conversations
 
Introduction to Data Science
Introduction to Data ScienceIntroduction to Data Science
Introduction to Data Science
 
Time Management & Productivity - Best Practices
Time Management & Productivity -  Best PracticesTime Management & Productivity -  Best Practices
Time Management & Productivity - Best Practices
 
The six step guide to practical project management
The six step guide to practical project managementThe six step guide to practical project management
The six step guide to practical project management
 
Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...
Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...
Beginners Guide to TikTok for Search - Rachel Pearson - We are Tilt __ Bright...
 
Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...
Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...
Unlocking the Power of ChatGPT and AI in Testing - A Real-World Look, present...
 
12 Ways to Increase Your Influence at Work
12 Ways to Increase Your Influence at Work12 Ways to Increase Your Influence at Work
12 Ways to Increase Your Influence at Work
 
ChatGPT webinar slides
ChatGPT webinar slidesChatGPT webinar slides
ChatGPT webinar slides
 
More than Just Lines on a Map: Best Practices for U.S Bike Routes
More than Just Lines on a Map: Best Practices for U.S Bike RoutesMore than Just Lines on a Map: Best Practices for U.S Bike Routes
More than Just Lines on a Map: Best Practices for U.S Bike Routes
 
Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
Ride the Storm: Navigating Through Unstable Periods / Katerina Rudko (Belka G...
 
Barbie - Brand Strategy Presentation
Barbie - Brand Strategy PresentationBarbie - Brand Strategy Presentation
Barbie - Brand Strategy Presentation
 

Presentation(20180001)

  • 1. Lesotho College of Education Re Bona Leseli Leseling La Hao NALANE EA LIPOLOTIKI TSA LESOTHO (2007- 2017) KA THATO ASHASHA
  • 2. Boitsibiso • Mabitso:Thato Ashasha • Moithuti:Lesotho College of Education Thaba-Tseka Campus O ka bua le ho fumana ka ‘na mona • Email address: ashashathato0001@gmail.com • Facebook: http://www.facebook.com/thatoashasha.sebeta • Linkedin: https://www.linkedin.com/in/thato-ashasha-6115551b7 • Slideshare: http://www.Slideshare.net/thatoashasha/
  • 3. Selelekela • Lesotho ke naha e busoang ke Bo-ralipolotiki,kahare ho lipolotiki hona le makhotla le mekha.'Me 'ona a na le ba thehi,ba lateli le mabitso a ikhethollang ho amang. Hore mokha kapa lekhotla le itseng le tle le buse naha ho uoa likhethong, ebe lekhotla le tla fumana lipalo tse holimo tsa mabatooa ke lona le busang naha.
  • 4. Ho thehoa hoa ABC •Ka la leshome le metso e meraro Mphalane selemong sa likete tse peli le metso e tšeletseng,Mohlomphehi Motsoahae Tom Thabane o ile a tloha kahare ho Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le neng le tšoere puso. A theha Lekhotla la hae la Kobo-tata ea Basotho(ABC),sena se ile sa siea Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba ka litulo tse nyane tsa Paramente. Setšoantšo ka:m.facebook.com>All Basotho Convention
  • 5. Ho phatlalatsoa hoa letsatsi la likhetho(2007) •Tona-kholo Pakalitha Mosisili o ile a eletsa Motlotlehi Letsie III ho qhala Paramente ka la mashome a mabeli a metso e mene Pulungoana,selemong sa likete tse peli le metso e tšeletseng, ‘me Paramente ea qhaloa letsatsi la likhetho la phatlalatsoa hore li tla ba ka la leshome le metso e supileng Hlakola,selemong sa likete tse peli le metso e supileng.
  • 6. Nako ea likhetho •Mekha e leshome le metso e ‘meli e ne e ngoliselitse ho emela likhetho.Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le ile la hapa mabatooa a mashome a tšeletseng a metso e ‘meli,Lekhotla la Kobo- tata ea Basotho(ABC) le ile la hapa mabatooa a leshome le metso e supileng,Lekhotla la Kopano ea MaAfrika(ACP) le ile la hapa lebatooa le leng.Mekha e meng ha e kaba ea hapa mabatooa.
  • 7. Ho phatlalatsoa hoa sephetho •Ka la mashome a mabeli Hlakola,Komisi e ikemetseng ea likhetho(IEC) e ile ea phatlalatsa hore Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le hapile likhetho. Mohlomphehi Pakalitha Mosisili e ile ea e-ba tona-kholo ea Lesotho.Matona a ‘muso a ile a ba leshome le metso e tšeletseng. •Setšoantšo ka: www.lcd.org.ls
  • 8. Ho thehoa hoa DC •Pele ho likhetho tsa selemo sa likete tse peli leshome le metso e ‘meli,Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le ile la arohana,Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a theha Lekhotla la Puso ea Sechaba(DC). •Setšoantšo ka: www.dc.org.ls
  • 9. Ho phatlalatsoa hoa letsatsi la likhetho(2012) •Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a eletsa Motlotlehi Letsi III ho qhala Paramente.Motlotlehi o ile a e qhala ka la leshome le metso e mehlano Hlakubele selemong sona seo,’me a phatlalatsa hore likhetho li tla tšoaroa ka la mashome a mabeli a metso e tšeletseng Motšeanong selemong sa likete tse peli leshome le metso e ‘meli.
  • 10. Nako ea likhetho(2012) •Mekha e neng e ngoliselitse ho emela likhetho e ne e le leshome le metso e ‘meli. Likhethong tsena Lekhotla la Puso ea Sechaba(DC) le ile la hapa mabatooa a mashome a mane a motso o mong,Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ile la hapa a mashome mabeli a metso e tšeletseng,Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) le ile la hapa a leshome le metso e ‘meli,Khoetsa ea Sechaba sa Basotho e ile ea hapa le le leng haele mekha e meng ha e kaba ea hapa mabatooa.
  • 11. Phatlalatso ea sephetho •Kahar’a naha ea Lesotho mokha kapa lekhotla la lipolotiki le tlameha ho hapa mabatooa a mashome a tšeletseng a motso o mong.Ka lebaka la hore ha ho mokha o hapileng mabatooa a makalo mekha le makhotla li ile tsa lokela ho buisana ka sepheo sa ho theha ‘muso oa kopanelo. Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) a ile a kopanela puso le Mokha oa Sechaba sa Basotho(BNP).Likhetho tsena ebile tsa pele tseo ho ileng hoa kopaneloa puso kahar’a naha ea Lesotho.
  • 12. Ntšetso-pele •Mohlomphehi Motsoahae Tom Thabane o ile a behoa e le tona-kholo ka la robeli Phuptjane selemong sa likete tse peli leshome le metso e ‘meli.Ka la mashome a mararo Phuptjane, tona-kholo Thabane a phatlalatsa matona a ‘muso a mashome a mabeli a metso e meraro le batlatsi ba ‘ona ba supileng.
  • 13. Tona-kholo o tšabela Afrika Boroa(2014) •Ka selemo sa likete tse peli leshome le metso e mene,ho ile hoa ba le ho hloka botsitso kahare ho naha ‘me sena se ile sa etsa hore tona- kholo Thabane a tšabele Afrika Boroa.Ho khutleng hoa hae tlasa tšireletso ea mokhatlo oa linaha tse ikopantseng tlase ho Afrika(SADC),Mohlomphehi Cyril Ramaphosa o ile a khothaletsa naha ea Lesotho hore ho uoe likhethong.
  • 14. Phatlalatso ea letsatsi la likhetho tsa (2015) •Motlotlehi Letsi III o ile a qhala Paramente ka la hlano Tšitoe selemong sa likete tse peli leshome le metso e mene.A phatlalatsa hore likhetho li tla tšoaroa ka la mashome a mabeli a metso e robeli Hlakola selemong sa likete tse peli leshome le metso e mehlano.
  • 15. Nako ea likhetho(2015) •Likhethong tseo Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ile la hapa mabatooa a mashome a mane,Mokha oa Sechaba sa Basotho(BNP) o ile oa hapa lebatooa le leng,Lekhotla la Puso ea Sechaba(DC) a mashome mararo a metso e supileng,Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD) a mabeli.Likhethong tsena ho ne ho se na mokha kapa lekhotla le hapileng mabatooa a mashome a tšeletseng a motso o mong.
  • 16. Ntšetso-pele •Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a kopanela puso le makhotla tšeletseng,e leng Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD),Khoetsa ea Sechaba sa Basotho(PFD),Mokha oa Sechaba o ikemetseng(NIP),Lekhotla la Mahata- mmoho(BCP),Lekhotla la K’honkerese(LPC) le Lekhotla la Marema- tlou(MFP).
  • 17. Tona-kholo Pakalitha o behoa litulong •Ka la leshome le metso e supileng Hlakubele selemong sona seo,Mohlomphehi Pakalitha Mosisili o ile a behoa e le tona-kholo.Ka la mashome a mararo ho ile hoa hlapantšoa matona a mashome a mabeli a metso e supileng le batlatsi ba ‘ona ba supileng.
  • 18. Ho thehoa hoa AD(2016) •Ka Tšitoe selemong sa likete tse peli leshome le metso e tšeletseng,Mohlomphehi Monyane Moleleki o ile a theha Lekhotla la Kopano ea Sechaba(AD). •Setšoantšo ka: www.ad.org.ls
  • 19. Ntšetso-pele •Mekha le makhotla a bohanyetsi a ile a bontša ho se khotsofale ho tona-kholo ka la pele Hlakola selemong sa likete tse peli leshome le metso e supileng.Eaba ba khetha Mohlomphehi Monyane hore e be tona-kholo e ncha empa taba eo ea se ke ea phethahala kaha Mohlomphehi Mosisili o ile a eletsa Motlotlehi Letsie III ho qhala Paramente, ‘me e ile ea qhaloa ka la supa Hlakubele.
  • 20. Ntšetso-pele •Ka la leshome le metso e meraro ho ile hoa phatlalatsoa letsatsi la likhetho hore li tla ba ka la tharo Phuptjane selemong sa likete tse peli leshome le metso e supileng.Mekha e mashome a mabeli a metso e robeli e ne e kenetse likhetho.
  • 21. Phatlalatso ea sephetho(2017) •Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ne le hapile mabatooa a mashome a mane a metso e supileng,Lekhotla la Puso ea Sechaba(DC) a mashome a mabeli a metso e tšeletseng,Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba(LCD),Lekhotla la Kopano ea Sechaba(AD),Lekhotla la Sethala sa kholiso ea meruo(MEC) le Khoetsa ea Sechaba sa Basotho(PFD) a ile a hapa lebatooa le le leng.
  • 22. Ntšetso-pele •Lekhotla la Kobo-tata ea Basotho(ABC) le ile la kopanela puso le Lekhotla la Kopano ea Sechaba(AD),Mokha oa Sechaba sa Basotho(BNP) le Lekhotla la K’honkerese e nchafetseng(RCL).Mohlomphehi Tom Thabane o ile a behoa e le tona-kholo ka la leshome le metso e tšeletseng Phuptjane.Ka la mashome a mabeli a metso e meraro ho ile hoa hlapantšoa matona a mashome a mabeli a metso e mehlano le batlatsi ba ona ba supileng.
  • 23. Mehloli ea lipatlisiso • Koloi,B.(2014).Coalition represented in IEC.[online] Available at: http//lestimes.com/coalition-parties-represented-in-iec/ [Accessed 12 January.2014]. • Sunday Express,(2013).Coalition under siege.[online ] Available at: http://sundayexpress.co.ls/coalition-under-siege/ [Accessed 14 September.2013]. • Zihlangu,B and Ntaote,B.(2014).Coalition pact collapse.[online] Available at: http://lestimes.com/?p16706 [Accessed 13 June.2014].