Basotho ke batho ba nang le makhabane a bona ekasitana le lipheko tsa bona tse ipabolang khahlanong le lintho ka ho fapana mohlala joalo ka ho tebela letolo motseng le ho upella sefako masimong a bona ho qoba kapa ho phephethela bofuma malapeng.
3. Selelekela
Ha lehlabula le thoasitse eba batho ba motse ba tla phasa-phasa ho ea ho
bo ke-ea-tseba ho ba thakela ho isireletsa khahlanong le tšenyo e ka
bakoang ke Sefako le letolo.
4. LETOLO
Ho ea ka Sekese (1988:20) letolo ha le kene hae, hona mohlang oo, ho
bitsoa ngaka e tla lokisa motse le batho. Motho leha e le oa motse oo, ea
neng ale sieo, kapa a etile ha tolo le kena hae, ha a lumelloe ho kena
motseng ho e so qetoe ho phekoloa. Ngaka ha e qeta ho foka, ho bokelloa
batho ba motse kaofela ho tla phatsoa.
6. Ntšetso pele ea letolo
Ha boesa ho uoa naheng ka makhomo ke banna, basali le bana, moo ba
eang ho tola, ha ba tlosa pilo ea litlhare tsa ngaka tsa maobane. Ha ho
khutloa naheng eba ho thoe ho tsoa lahloa letolo. Mohlang oo, ke tsatsi
leo likhomo tsa motse kaofela li hameloang 'nqa e le 'ngoe, ho tle ho
phehoe lehala. Lehala leo le tla jeoa empa ngaka eona e tla boela e
tlotsa lithakhisa ka lona.
7. Ntšetso pele ea letolo
Matšeho a liotloana tsa motse kaofela hoa 'ona eba a tla lahleloa ka
theko ho motse ka ho kolokisoa. Ho boeloa ho batloa matšeo a macha.
Ka tsatsi leo ho tloloa letsoku le sekama. Ke mokete o moholo,
hobane ho thoe, morena (letolo) o nyetse.
8. Ntšetso pele ea letolo
Ho ea ka Lesitsi (2002:168) lapeng leo maru a ileng a kena ho lona,
ho riteloa joala, ho apehoa mefuta-futa ea lijo kantle, le ha li tšoloa ha
li kene ka tlung ho hang.
Setšoantšo ka : Andile Mthembu
10. Ntšetso pele ea letolo
Hoea ka Lesitsi(1990:168) banna ba motse ba tla lapeng leo letsolo le
otlileng ho lona, ho tla lalla letsolo bosiu. Ba hlola bosiu bohle ba
hlokometse ka likoto, marumo, likoakoa, melamu, le lithebe.
Mokorotlo ba o tšoara ka matla a maholo, o hoasa o ithatika le
maralla.
Setšoantšo ka: Tau phapano
12. Ntšetso pele ea letolo
Ha naleli ea meso e hlaha joale eba mokorotloa oa bona o ntša batho
matlung. Basali ba hlaba melilietsane ba le malapeng . Banna ba qala
ho kallana ,ho ithoka le ho ipolela hape ba etsa menyakoe ka mefuta.
Setšoantšo: ka Tieknots visual
14. Ho upella sefako
Ho ea ka Sekese (1988:22) ngaka e batletsoeng ho hlomella sefako , e
nehoa nku e ntšo hore e e hlabe, e ntano ntša mafura ao e upellang
sefako ka 'ona. Nama eohle e nkuoa ke ngaka ho ea e jela ha eona.
Setšoantšo ka: Stephen parker
16. Ntšetso pele ea sefako
Lithupa tseo ho hlomelloang sefako ka tsona, ke tsa mofifi; Lithupa li
tlotsoa ka mafura a tsoakiloeng le pilo (mohlabelo o motšo).
Setšoantšo: ka Yalma
18. Mehloli ea lipatlisiso
Sekese, A. (1988). Mekhoa le maele a Basotho. Morija: Morija Sesuto Book Depot
(page20-22-23).
Lesitsi, M. A. (2002). Seemahale. 2nd ed. Gauteng, South Africa: Nolwazi (page 168).
Yalma. (2020). Miswak. [image]available at:
https://en.m.wikipedia.org/wiki/Miswak(accessed 09.August.2020)
Phapano, t. (2017). mokorotlo.[image]available at :
https://m.youtube.com/watch?v=mXokgRlPjAo(accessed 04.April.2020)
19. Mehloli ea lipatlisiso
Visuals, T. (2015). mokallo oa bana Basotho.[image]available
:https://m.youtube.com/watch?v=r7oyQiNILZY(accessed 21 October 2020)
Magubane, P. (2020).traditional doctor.[image]available
at:https://www.iol.co.za/amp/news/south-africa/north-west/north-west-
traditional-healers-stand-up-against-quacks-offering-false-cures-
15496276(accessed 01.January 2020)
20. Mehloli ea lipatlisiso
Mthembu, A.(2016).Rural women cooking traditional food for a ceremony.[ image]available:https://ww
w.africarising.tv/downloads/stock-video-african-traditional-women-cooking-ceremony-food/ (accessed 28 September
2020)
Visuals, T. (2015). mokallo oa bana Basotho.[image]available
:https://m.youtube.com/watch?v=r7oyQiNILZY(accessed 21 October 2020)
Parker, S.(2016).black sheep.[image]available at
:https://www.moeshomecollection.com/product/jt-1001-02/(accessed 16 April 2020)