2. Puo ea Sesotho e manoni e lokela hoba le
maele,maelana le mekhabo-puo.
Mekhabo-puo ke puo e sebelisoang ke
sengoli ho natefisa thothokiso kapa thoko
ebile ke puo e sa totobalang e hlokang
tlhaloso.
Selelekela
4. 1.Thehello
Ke mokhabo-puo oo ho rehelloang ntho e
itseng ka e nngoe leha li fapane, e nang le
tšoano e itseng.
Mehlala:- Teboho ke tau ntoeng.
-Bana ke lipalesa.
5. 2.Papiso
Ke mokhabo-puo oo ho bapisoang lintho
tse peli tse fapaneng empa li e-na le tšoano
e itseng.
Mehlala:-Neo o matha joaloka letsa.
-Thato o ja sa fariki.
6. 3.Mothofatso
Ke mokhabo-puo oo lintho tseo eseng
batho li fuoang liketso, litšobotsi le litloaelo
tsa batho.
Mehlala:-Ho hobe khoeli e itšoere thekeng.
-Nonyana tsa lumelisa batho ke thabo
mohla tlhaho ea hae.
7. 4.Khanyetsane
Mokhabo-puong oona ho bapisoa
mantsoe/lipoleloana tse peli tse
hanyetsanang ka moelelo oa ho totobatsa
seo ho buuoang ka sona.
Mehlala:-Ho tebela khoale ke ho e isa
liselong.
-Lefu la hae lea mphelisa.
8. 5.Phelekanyo
Mona lentsoe le sebelisoa ka tsela e ka
hlalosoang ka mekhoa e mmeli e fapaneng.
Mehlala:-Ba ithomme ke letsoalo.
-O robehile lengole a sa le monyane haholo.
9. 6.Moqasa
Mokhabo-puong oona mantsoe a behoa ka
tlhahlamano ea matla a ’ona, ho simolloa
ka a fokolang ho hlahlame a matlanyana
’me ho qetelloe ka a matla haholo.
Mehlala:- Ho lla masea, basali le banna.
-Hoa luma maralla, lithajana ekasitana le
lithaba.
10. 7.Thipoloho
Mona teng mantsoe a behoa ka tlhahlamano
ea ’ona, ho qaloa ka a matlahali ho nt’o uoa
ho a fokolang.
Mehlala:-Ke isa hlompho ho Motlotlehi,
Tona-kholo le matona a naha ena.
-A tela bophelo, a tela mosali a ba a tela le
leruo la hae.